Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 21:15 - Sesotho 1909/1961 (SO)

15 haele wena, o tla ba malwetseng a maholo ka ho jewa ke mala ka matsatsi le matsatsi, ho fihlela mala a hao a ba a tswela ntle ke ho befa ha bohloko.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

15 Wena o tla tshwarwa ke lefu le bohloko la letshollo, ho fihlela mala a hao a horometseha, ka baka la ho tsholla ka letsatsi le leng le le leng.’ ”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 21:15
11 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

bona, Jehova o se a ya otla setjhaba sa hao, le bara ba hao, le basadi ba hao, le dintho tsohle tsa hao ka kotsi e kgolo;


O ne a ipopa ka thohako jwaloka hola ke kobo, ya monyella ka ho yena jwaloka metsi, le jwaloka ole masapong a hae.


Etlare hobane a mo nose metsi ao, ho tla etsahala hore, ha a fela a itshentse, mme a sitetswe monna wa hae, metsi a tlisang thohako a tla kena ho yena, a hlahise teng ho baba; mpa ya hae e tla kokomoha, letheka la hae le omelle, mme mosadi eo e tla ba thohako hara setjhaba sa habo.


Empa yare hobane a ithekele tshimo ka moputso wa bokgopo, a itihela, a phatloha kalehare, mala a hae a ba a horometseha kaofela.


Empa lengeloi la Morena la phakisa la mo otla, kahobane ha a ka a busetsa letlotlo ho Modimo: a jewa ke diboko, a ba a shwa.


Jehova o tla o otla ka mofetshe wa Egepeta le ka dithopane, le ka lekgwekgwe, le ka lekgopho le ke keng la fola.


mme o tla fetoha makalo, le sesomo, le tshomo hara ditjhaba tsohle tseo Jehova a tla o isa hara tsona.


Jehova o tla etsa hore dikotsi tsa hao, le dikotsi tsa ditloholo tsa hao, e be dikotsi tse makatsang, tse kgolo, tse sa feleng kapele, le mafu a mabe a hanellang ho wena.


Hape, Jehova o tla o hlahisetsa dipabo tsohle le dikotsi tsohle tse sa ngolwang bukeng ya molao ona, o be o fele.


Hosasa a tla re: Hoja e ka ba mantsiboya! Mantsiboya o re: Hoja e ka ba hosasa! ka baka la tshoho eo pelo ya hao e tla tshoswa ke yona, le ka baka la ditaba tsohle tseo mahlo a hao a tla di bona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ