Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 21:13 - Sesotho 1909/1961 (SO)

13 o mpile wa tsamaya ka mehlala ya marena a Iseraele, mme wa kgannela Juda le baahi ba Jerusalema bohloleng, jwalokaha ntlo ya Akabe e ntse e kgannela Baiseraele bohloleng bo jwalo, o bile wa bolaya le banabeno, ba ntlo ya ntatao, ba neng ba o feta ka molemo;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

13 O tsamaile mehlaleng ya dikgosi tsa Iseraele, mme o entse hore setjhaba sa Juda le baahi ba Jerusalema ba sebeletse medimo ya bohata, jwaloka ba lelapa la Akabe. O bile o bolaile bana beno, ba lelapa la ntatao, ba neng ba lokile ho o feta.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 21:13
18 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Omri a etsa ho leng hobe mahlong a Jehova, a etsa hampe le ho fetisa bohle ba neng ba bile pele ho yena.


Ebile Jorame o re: Bofang. Ba bofa koloi ya hae. Jorame morena wa Iseraele, le Akasia morena wa Juda, ba tloha, e mong le e mong koloing ya hae, ba ya kgahlanyetsa Jehu, ba mo fihlela tshimong ya Nabothe wa Jisreele.


Hape, Jorame a etsa dinqalo tse diphahameng dithabeng tsa Juda; a susumetsa baahi ba Jerusalema hore ba etse bohlola, mme a kgelosa Bajuda.


bona, Jehova o se a ya otla setjhaba sa hao, le bara ba hao, le basadi ba hao, le dintho tsohle tsa hao ka kotsi e kgolo;


Empa eitse hobane Jorame a nke mmuso wa ntatae, ha a se a iphile matla, a bolaya banababo bohle ka lerumo le dihlooho tse ding tsa Iseraele.


A nna a tsamaya ka mehlala ya marena a Iseraele, jwalokaha ho ne ho tsamaile ntlo ya Akabe, hobane a ne a nyetse moradi wa Akabe; a etsa ho leng hobe pela mahlo a Jehova.


Yaba ba furalla ntlo ya Jehova, Modimo wa bontata bona, ba sebeletsa diashera le ditshwantsho; mme Jehova a halefela Juda le Jerusalema, kahobane ba ikentse molato kahoo.


o se ke wa etsa selekane le baahi ba fatshe leo, esere, ha o feba le medimo ya bona, mme o hlabela medimo ya bona, ba o biletsa ho tla ja nama tsa mahlabelo a bona,


Hobane bona, Jehova o se a ya tloha nqalong ya hae ho putsa ba ahileng lefatsheng ka ho lekaneng le bokgopo ba bona; lefatshe le tla senola madi a momilweng ke lona, mme ha le sa tla pata ba bolailweng ho lona.


Ho madimabe ya hahang motse ka madi, ya theang motse o matla ka bolotsana!


Jehova a re ho Moshe: Bona, o se o ya orohela ho bontatao, mme setjhaba sena se tla tloha se itshilafatsa ka ho ineela medimo esele ya lefatshe leo se yang ho aha hara lona; se tla mphuralla, se tlole selekane sa ka, seo ke se entseng le sona.


mme re se ke ra ba jwaloka Kaine, e neng e le wa e mobe, mme a bolaile ngwanabo. Mme o mmolaile ka baka lang? Ke hobane yena mesebetsi ya hae e ne e le e mebe, athe ya ngwanabo e ne e lokile.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ