2 Dikronike 21:11 - Sesotho 1909/1961 (SO)11 Hape, Jorame a etsa dinqalo tse diphahameng dithabeng tsa Juda; a susumetsa baahi ba Jerusalema hore ba etse bohlola, mme a kgelosa Bajuda. အခန်းကိုကြည့်ပါ။BIBELE11 Jehorame a haha dibaka tseo ho rapellwang medimo ya bohata ho tsona dithabeng tsa Juda, a ba a etsa hore baahi ba Jerusalema ba sebeletse medimo ya bohata, a kgelosa setjhaba sa Juda. အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
Ka fela ka ba isa naheng eo ke neng ke emisitse letsoho la ka, ka re, ke tla ba fa yona, mme teng ba bona maralla wohle a phahameng le difate tsohle tse mahlaku; teng, ba hlaba mahlabelo, ba hlahisa dinyehelo tsa bona tse mphephetsang, ba re, ba bea dibano tse monko o monate, ba ba ba tshela ditshelo tsa bona.
Jwale he, ka nako eo le utlwang modumo wa terompeta, le phala, le harepa, le sambuke, le pesalterione, le simfonia, le diletsa kaofela, ha le kgumama, le rapela setshwantsho seo ke se entseng, ke hantle; empa ha le sa kgumame, le tla akgelwa hanghang seboping sa mollo o bohale; mme modimo ke ofe o tlang ho le lokolla letsohong la ka?