Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 21:10 - Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Leha ho le jwalo, Baedomo ba fetohela Juda ho fihlela tsatsi lena. Mehleng yona eo, mose wa Libna le wona wa mo fetohela, kahobane ba ne ba furaletse Jehova, Modimo wa bontata bona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

10 Haesale Baedomo ba itokolla pusong ya setjhaba sa Juda, ho fihlela kajeno-ya-bokajeno. Ka yona nako eo, motse wa Lebena le wona wa fetohela Juda, hobane Jehorame a ne a ile a furalla Morena Modimo wa bo-ntatae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 21:10
17 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

A re ho Jeroboame: Inkele ditsiba tse leshome, hobane ho itswe ke Jehova, Modimo wa Iseraele: Ke tla haraswanya mmuso letsohong la Salomone, ke o nee meloko e leshome.


Hobane ba ntahlile, ba ile ho sebeletsa Ashtarothe, modimo wa Basidone, le Kemoshe, modimo wa Bamoabe, le Milkome, modimo wa bana ba Ammone; ha ba ka ba tsamaya tseleng tsa ka, le ho etsa tse lokileng mahlong a ka, le ho ya ka ditaelo tsa ka le ka melao ya ka, jwaloka ntatae Davida.


Rabshake a kgutla, a fihlela morena wa Assiria a lwantsha Libna; hobane o ne a utlwile ha ho thwe, o tlohile Lakishe.


Haele rona, Jehova ke Modimo wa rona; ha re a mo furalla; baprista ba etsang tshebeletso ya Jehova ke bara ba Aarone, le bona Balevi ba mosebetsing wa bona;


a tswela ho ya kgahlanyetsa Asa, a re ho yena: Asa, le lona Bajuda bohle le Benjamine, mmameleng. Jehova o na le lona mohla lona le nang le yena. Ha le ka nna la mmatla, o tla nne a fumanwe ke lona: mme ha le ka mo furalla, o tla le furalla le yena.


Hape, Jorame a etsa dinqalo tse diphahameng dithabeng tsa Juda; a susumetsa baahi ba Jerusalema hore ba etse bohlola, mme a kgelosa Bajuda.


Mehleng ya hae, Baedomo ba fetohela mmuso wa Juda, mme ba ipehela morena.


Jorame a fetela teng a ena le mahosana a hae le makoloi a hae kaofela; a tsoha e sa le bosiu, mme a qhala Baedomo ba mo teetseng hare le balaodi ba makoloi.


hobane Peka, mora Remalia, o kile a bolaya Bajuda ba dikete tse lekgolo le nang le mashome a mabedi ka tsatsi le le leng, e le banna ba bahale kaofela, e le kahobane ba ne ba furaletse Jehova, Modimo wa bontata bona.


Empa bahanyetsi le baetsadibe ba tla thuhwa hammoho, ba kwenehetseng Jehova ba ya timela.


Hobane setjhaba sa ka se entse dibe tse pedi: ba ntlhobohile, nna ke leng sediba sa metsi a kollang, mme ba itjheketse mamena, mamena a ngamohileng, a se nang ho boloka metsi.


O tla kgalemelwa ke bolotsana ba hao, o otlwe ke kweneho ya hao; o tla tseba, mme o bone hoba ho hloboha Jehova, Modimo wa hao, le ho se mo tshabe ke ntho e mpe, e babang: ho bolela Morena, Jehova wa makgotla.


Mohlang oo, kgalefo ya ka e tla ba tukela; ke tla ba tlohela, ke ba patele sefahleho sa ka; ba tla jewa ke mahloko a mangata, ba fihlelwe le ke mahlomola a mangata. Mohlang oo, ba tla re: Na hase kahobane Modimo wa rona o le siyo hara rona, re hlahetsweng ke mahloko ao na?


Ba mpouledisitse ka seo e seng Modimo, ba nkgalefisitse ka masawana a bona; le nna ke tla ba bouledisa ka setjhaba seo e seng setjhaba, ke ba halefise ka setjhaba se se nang kelello.


Ebile Joshua le Baiseraele bohle ba nang le yena ba feta Makkeda, ba ya Libna, mme ba lwantsha Libna.


Bana ba moprista Aarone ba newa Hebrone le meraka ya wona, e le motse wa setshabelo sa mmolai; le Libna le meraka ya wona;


Le mpa le mphuraletse, le sebeleditse medimo esele; ka baka leo, ha ke sa tla hlola ke le namolela.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ