Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 20:7 - Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Na hase wena, Modimo wa rona, o neng o falatse baahi ba lefatshe lena pela setjhaba sa hao sa Iseraele, o bileng wa le nea ditloholo tsa Abrahama, motswalle wa hao, hore e be la tsona kamehla na?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

7 Na hase wena Modimo wa rona, ya ileng a leleka baahi ba naha ee kapele ho setjhaba sa hao sa Iseraele, wa ba wa e nea ditloholo tsa Aborahama, motswalle wa hao, kamehla yohle?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 20:7
23 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jehova a iponahatsa ho Abrame, a re: Lefatshe lena ke tla le nea ditloholo tsa hao. Teng Abrame a hahela Jehova ya iponahaditseng ho yena aletare.


hobane naha yohle eo o e bonang, ke tla e nea wena le ditloholo tsa hao ka ho sa feleng.


Ke tla tiisa selekane sa ka, se mahareng a ka le wena, le ditloholo tsa hao tse o hlahlamang ka meloko ya tsona, e be selekane se sa feleng, ke be Modimo wa hao le wa leloko la hao le o hlahlamang.


Asa a howeletsa ho Jehova, Modimo wa hae, a re: Oho, Jehova, ha ho e mong ya ka namolelang ya se nang matla ho ya nang le matla, haese wena; re tlatse, Jehova, Modimo wa rona, hobane re itshetlehile ka wena, mme re futuhetse bongata boo ka lebitso la hao. Ke wena Jehova, Modimo wa rona: motho ya shwang a se ke a o sita.


Ba fedile ba ahile teng, ba bile ba o hahetse sehalalelo teng, hore e be sa lebitso la hao, ba re:


Wa mo fumana a ena le pelo e tshephehang pela hao, mme wa etsa selekane le yena sa ho mo nea lefatshe la Bakanana, le la Bahethe, le la Baamore, le la Baferese, le la Bajebuse, le la Bagirgashe, hore o tle o le nee ditloholo tsa hae; o fela o phethile lentswe la hao, etswe o le ya lokileng.


O lelekisitse ditjhaba ka letsoho la hao, hore o ba bee tulong tsa tsona; wa fedisa ditjhaba, hore o ba atise.


Hobane ha ba ka ba hapa naha ka lerumo la bona, ha ba ka ba bolokwa ke letsoho la bona; empa ke ka le letona la hao, ke ka letsoho la hao le ka kganya ya sefahleho sa hao, hobane o ne o ba rata.


O ne o fothole morara Egepeta, wa lelekisa ditjhaba, mme wa o hloma;


Ke nna Jehova, Modimo wa hao, o o ntshitseng lefatsheng la Egepeta, tlung ya bohlanka.


Ke tla roma lengeloi le tla o etella pele, ke leleke Bakanana, le Baamore, le Bahethe, le Baferese, le Baheve, le Bajebuse;


Ke tla inkela lona le be setjhaba sa ka, ke be Modimo wa lona, mme le tla tseba hobane ke nna Jehova, Modimo wa lona, ya le jarollang boima ba Baegepeta.


Empa wena Iseraele, mohlanka wa ka, Jakobo, wena eo ke ikgethetseng yena, leloko la Abrahama, moratuwa wa ka,


Eitse hobane a bolele tseo, a re ho bona: Lasaro, motswalle wa rona, o robetse; empa ke ya mo tsosa borokong.


Ha ke sa tla le bitsa bahlanka, kahobane mohlanka ha a tsebe se etswang ke morena wa hae; ke le bitsitse metswalle, kahobane ke le tsebisitse tsohle tseo ke di utlwileng ho Ntate.


hore a falatse pela hao ditjhaba tseo o fetang ka boholo le ka matla, hore a tle a o kenye lefatsheng la tsona, mme a o nee lona, hore e be lefa la hao jwalokaha ho le jwalo kajeno.


ha ba ha etsahala lengolo le reng: Abrahama o dumetse Modimo, mme a ballwa hona hoba ke ho loka, mme a newa lebitso la motswalle wa Modimo.


Iphe matla, o etse ka senna, hobane ke wena o tla ruisa setjhaba sena fatshe leo ke hlapanyeditseng bontata bona, ka re, ke tla ba nea lona.


Hobane Jehova o lelekile ditjhaba tse kgolo, tse matla, pela lona; mme haele lona, ha ho motho ya kileng a ema pela lona ho fihlela kajeno.


Ka le nea lefatshe leo le neng le sa ka la le lema, le metse eo le neng le sa ka la e haha, mme la dula teng le ntse le eja ditholwana tsa merara le tsa mehlware eo le sa kang la e hloma.


Ka thola ntata lona Abrahama mose wane ho noka, ka mo tsamaisa hara naha yohle ya Kanana, ka atisa bana ba hae, ka mo fa le Isaka;


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ