Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 20:37 - Sesotho 1909/1961 (SO)

37 Empa Eliesere, mora Dodava, wa Maresha, a porofetela Josafate, a re: Erekaha o ikopantse le Akasia, Jehova o se a sentse mosebetsi wa hao. Yaba dikepe di a robeha, tsa sitwa ho ya Tarshishe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

37 Jwale Eleesere, mora wa Dodawa, ya tswang Maresha, a porofetela Jehoshafate bobe bo tla mo hlahela, a re: “Kahobane o entse selekane le Akasiya, Morena o sentse mosebetsi wa hao.” Kahoo dikepe tsa hae tsa pshatleha, tsa sitwa ho ya Tarashishe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 20:37
12 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ha bo ho se morena Edomo mohlang oo ya busang teng, e ne e le mmusisi.


Ruri, mahlo a Jehova a qamaka lefatsheng lohle hore a emele bao pelo tsa bona e leng tsa hae kaofela. O entse ka bothoto; hobane ho qala jwale, o tla nne o hlahelwe ke dintwa.


Jehu, mora Hanani, seboni, a ya mo kgahlanyetsa, a re ho morena Josafate: Na ke tshwanelo hore o thuse e mobe, mme o rate ba hloileng Jehova na? Jehova o o halefetse ka baka la tseo.


a ikopanya le yena ho etsa dikepe tse tla ya Tarshishe, mme ba etsa dikepe Etsione-Gebere.


Josafate a orohela ho bontatae, mme a patwa ho bontatae motseng wa Davida; mme Jorame, mora hae, ya eba morena tulong tsa hae.


Hobane dikepe tsa morena di ne di ya Tarshishe le bahlanka ba Hurame, mme ha ho fetile dilemo tse tharo, kepe tsa Tarshishe di ne di fihla, di tlisa kgauta le silefera, le manaka a ditlou, le ditshwene, le dipikoke.


Ya tsamayang le ba bohlale o tla hlalefa; empa ya tlwaelaneng le mawatla o tla senyeha.


Le hlobohe bothoto, mme le tla phela, le tsamaye tseleng ya hlalefo.


hobane Morena o ye e laye eo a mo ratang, mme a shape mora e mong le e mong eo a mo amohelang.


Nna, ke kgalemela, ke laya bohle bao ke ba ratang; o be le tjheseho hle, mme o bake.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ