Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 20:29 - Sesotho 1909/1961 (SO)

29 Letsoso la Modimo la wela mebuso yohle ya mafatshe a kamathoko, ha e utlwa kamoo Jehova a lwantshitseng dira tsa Iseraele kateng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

29 Mebuso yohle ya dinaha tseo ya tshaba Modimo, ha e utlwa hore Morena o hlotse dira tsa Iseraele.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 20:29
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba ba tloha; letsoso la Modimo la eba hodima metse e mabapa le bona, batho ba teng ba se ke ba phallela bara ba Jakobo.


Hobane Morena o ne a utlwisitse makgotla a Siria modumo wa makoloi, le modumo wa dipere, le modumo wa bahlabani ba bangata, ba ba ba bolellana, ba re: Bonang, morena wa Iseraele o re memetse marena a Bahethe le marena a Baegepeta.


Asa le setjhaba sa hae ba ba phallela ho ya fihla Gerare; mme Baethiopia ba bolawa haholo, ba ba ba sitwa le ho boela ba kopana; etswe ba ne ba qhalwa ke Jehova le ke sera sa hae. Ba hapa kgapo e kgolo haholo;


ba kena metse yohle e teetseng Gerare hare, hobane e ne e wetswe hodimo ke letsoso la Jehova; ba ya le ntho tsohle tse metseng eo, hobane thepa ya teng e ne e le kgolo.


Letsoso la Jehova la wela mebuso yohle ya mafatshe a teetseng Juda hare, e tle e se ke ya futuhela Josafate.


Ba kena Jerusalema, ka tlung ya Modimo, ka diviole le diharepa le diterompeta.


O boletse tsuo o le mahodimong; lefatshe la tshoha, la ba la kgutsa,


Jehova o tla le lwanela; haele lona, ikgutsetseng.


A pshemola maoto a makoloi a bona, hore a tsamaiswe ka boima. Yaba Baegepeta ba re: A re baleheleng Baiseraele, hobane Jehova o a ba lwanela, o lwantsha Baegepeta.


Ke tla romela letsoso la ka le o etelle pele, mme ke qhale tjhaba se seng le se seng seo o tla fihla ho sona, ke balehise pela hao dira tsohle tsa hao.


Empa marena wohle a Baamore, a leng ka nqa bophirimela ho Jordane, le marena wohle a Bakanana, a pela lewatle, ha a utlwa kamoo Jehova a pshesitseng metsi a Jordane kateng, pela bana ba Iseraele, ba ba ba tshela, a nyahama dipelo, mme a fela matla ke ho tshaba bana ba Iseraele.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ