Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 20:26 - Sesotho 1909/1961 (SO)

26 Ka tsatsi la bone, ba phuthehela sekgutlong sa Beraka, mme teng ba boka Jehova; ke kahoo sekgutlo seo se reilweng lebitso la Beraka (poko), le kajeno ke lona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

26 Ka letsatsi la bone ba kgobokana ka kgohlong ya Beraka, ba rorisa Morena. Ka baka leo, sebaka seo sa rewa lebitso la Kgohlo ya Beraka, mme ho fihlela le kajeno-ya-bokajeno se ntse se bitswa jwalo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 20:26
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

A rea nqalo eo lebitso la Bethele (ntlo ya Modimo); hobane pele, lebitso la motse oo e ne e le Luse.


le re: Mohlanka wa hao Jakobo ke enwa ya tlang kamora rona. Hobane o ne o re: Ke tla mo thethefatsa ka nyehelo e nketellang pele, ke ntoo bona sefahleho sa hae; ekaba o tla nkamohela.


Eitse hobane Jehova a namolele Davida matsohong a dira tsohle tsa hae, le matsohong a Saule, Davida a binela Jehova dithoko tse reng:


E moholo ho bona ke Akiesere, e mong ke Joase, bara ba Shemaa wa Gibea; Jesiele, le Pelethe, bara ba Asmavethe, le Beraka, le Jehu wa Anathothe,


Eitse ha Josafate le setjhaba sa hae ba tla ho hapa kgapo, ba fumana diphahlo tse ngata mahareng a ditopo le mesebetsi ya bohlokwa; ba ikgapela yona, ba ba ba sitwa ho e jara, ba qeta matsatsi a mararo ba ntse ba thotha thepa, hobane e ne e le kgolo.


Yaba batho ba Juda le ba Jerusalema ba kgutla, ba boela Jerusalema ka thabo, Josafate a ba eteletse pele; hobane Jehova a ne a ba thabisitse ka ho ba namolela direng tsa bona.


Mejaro e ne e le bolelele boo dintlha tsa mejaro di neng di bonahala arekeng, kapele ho sehalalelo, di mpa di sa bonwe ke ba kantle; areka e sa dutse jwalo le kajeno.


Moshe a aha aletare, a e rea lebitso la Jehova-nissi (Jehova ke folaga ya ka).


Ha o sa tla hlola o bitswa Motlohelwa, naha ya hao e ke ke ya nna ya bitswa Nahathothe; empa o tla bitswa Moratuwa, lefatshe la hao le bitswe Monyaduwa, hobane Jehova o thaba ka wena, mme lefatshe la hao le tla bona monyadi.


Ho bokwe Morena, Modimo wa Iseraele, hobane o etetse setjhaba sa hae, mme o se lopolotse.


Ke taba e tsebilweng ke bohle ba ahileng Jerusalema, tshimo eo ba bile ba e reile Hakeldama, ka puo ya bona, ke ho re: Tshimo ya madi.


Samuele a nka lejwe, a le emisa pakeng tsa Mitspe le Shene, a le rea lebitso la Eben-Esere (lejwe la thuso), a re: Jehova o re thusitse ho fihlela mona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ