Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 20:25 - Sesotho 1909/1961 (SO)

25 Eitse ha Josafate le setjhaba sa hae ba tla ho hapa kgapo, ba fumana diphahlo tse ngata mahareng a ditopo le mesebetsi ya bohlokwa; ba ikgapela yona, ba ba ba sitwa ho e jara, ba qeta matsatsi a mararo ba ntse ba thotha thepa, hobane e ne e le kgolo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

25 Ha Jehoshafate le setjhaba sa hae ba ilo hapa, ba fumana maruo a mangata, le diaparo, le dintho tsa bohlokwa. Yaba ba inkela matlotlo ao, mme a eba mangata hoo ba bileng ba sitwa ho a nka kaofela. Kgapo e ne e le ngata hoo ba ileng ba nka matsatsi a mararo ba ntse ba e bokella.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 20:25
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Eitse ha Bajuda ba fihla phahameng, moo lefeella le ka bonwang teng, ba tadima nqa sereng, mme ba bona e le ditopo tse rapaletseng fatshe, ho se le a mong ya phonyohileng.


Ka tsatsi la bone, ba phuthehela sekgutlong sa Beraka, mme teng ba boka Jehova; ke kahoo sekgutlo seo se reilweng lebitso la Beraka (poko), le kajeno ke lona.


Marena a ditjhaba a baleha, a baleha; mme basadi ba disang matlo ba arolelana kgapo.


Empa mosadi e mong le e mong o tla kopa ho ya ahisaneng le yena, le ho eo ya ahileng le yena, mesebatsi ya silefera, le mesebetsi ya kgauta, le diaparo, le tle le apese bara ba lona le baradi ba lona ka tsona; le tla hlobodisa Baegepeta jwalo.


Bo fetisa diperela ka bohlokwa, tsohle tse lakatsehang ha di lekane le bona.


Le yena Juda o tla lwana le Jerusalema; mme ho tla bokellwa menono ya ditjhaba tsohle tse kamathoko, kgauta le silefera le diaparo ka bongata bo boholoholo.


A re ho bona: Na le tloheletseng basadi kaofela hore ba phele? Ha ke re, ke bona, ka ho latela keletso ya Balaame, ba kgopisitseng bana ba Iseraele hore ba kwenehele Jehova ka taba ya Baale-Peore,


[Hobane bahlabani ba ne ba nkile thepa, e mong le e mong a inketse yona.]


Tjhe! Empa nthong tseo tsohle, re hlola ka ho fetisisa ka ya re ratileng.


Bana ba Iseraele ba ikgapela mesebetsi yohle e metseng eo, le makgomo; haele batho bohle, bona ba ba bolaya ka bohale ba lerumo, ba ba timetsa, ba se ke ba siya motho le a mong a phela.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ