Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 20:23 - Sesotho 1909/1961 (SO)

23 Bana ba Ammone le Bamoabe ba lwantsha ba ahileng thabeng ya Seire ho ba neela anathema le ho ba timetsa; mme eitse hobane ba qetele ho timetsa baahi ba Seire, ba tlatsana ho timetsana ba nnotshi.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

23 Baamone, le Bamoabe, ba fetohela baahi ba tswang thabeng ya Seire, ba ba bolaya, ba ba timetsa ho hang. Hoba ba timetse baahi ba Seire, Baamone le Bamoabe ba bolayana ka bobona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 20:23
12 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

le Bahore, thabeng ya bona ya Seire, ho isa eikeng e Parane, haufi le lefeella.


Eitse ha Bajuda ba fihla phahameng, moo lefeella le ka bonwang teng, ba tadima nqa sereng, mme ba bona e le ditopo tse rapaletseng fatshe, ho se le a mong ya phonyohileng.


Mehleng ya hae, Baedomo ba fetohela mmuso wa Juda, mme ba ipehela morena.


Ke tla tsosa Moegepeta, a lwantshe Moegepeta, ba tle be lwantshane, motho a lwane le wa habo, motswalle le motswalle, motse le motse, mmuso le mmuso.


Ke tla mmiletsa lerumo thabeng tsohle tsa ka, ho bolela Morena Jehova; lerumo la e mong le tla hlaba ngwanabo.


ke timeletse matla a mebuso ya ditjhaba, ke dihe makoloi le ba tsamayang ho wona; dipere le bapalami ba tsona ba tla wa e mong le e mong ka lerumo la wa habo.


le se ke la qabana le bona, hobane ha nka ke ka le nea letho naheng ya bona, leha e le sebaka se ka ka se ka hatwang ke leoto; hobane ke neile Esau thaba ye Seire, e be lefa la hae.


mme ka nea Isaaka Jakobo le Esau; Esau yena ka mo nea thaba ya Seire hore a e rue; empa Jakobo le bara ba hae ba theohela Egepeta.


Ba makgolo a mararo ba nna ba letsa diterompeta, mme Jehova a etsa hore e mong le e mong wa Bamidiane a hlabe e mong ka sabole ya hae diahelong tsohle, bohle ba diahelong ba ba ba baleha ho ya fihla Bethe-Shitta, nqa Tserera, le ho ya fihla moeding wa Abele-Mehola, nqa Tabbathe.


Jwale, Saule le setjhaba kaofela se dutseng ho yena, ba phutheha, mme ba ba moo e lwanang; ba fihlela Bafilesta ba hlabana ka marumo e le bona, ho le moferefere o moholo haholo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ