Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 20:17 - Sesotho 1909/1961 (SO)

17 Le ke ke la tshwanela ho lwana ntweng ena; le mpe le hlahe, mme le ikemele hona teng, le tle le bone poloko ya Jehova ya nang le lona. Oho, lona Bajuda, le ba Jerusalema, se tshabeng, le se ke la tepella. Hosasane, le tswele ho bona, hobane Jehova o tla ba le lona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

17 Ha ho na ho hlokahala hore le lwane; le ikemele feela, le tle le bone ha Morena a pholosa setjhaba sa Juda, le baahi ba Jerusalema. Le se ke la tshaba, kapa la tshoha; hosasane le ba futuhele, hobane Morena o tla ba le lona.’ ”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 20:17
26 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba ho fihla moporofeta e mong ho Akabe, morena wa Iseraele, a re: Jehova o re: Na bongata boo bo boholo o bo bone na? Bona, ke ya bo neela matsohong a hao kajeno, o tle o tsebe hobane ke nna Jehova.


a tswela ho ya kgahlanyetsa Asa, a re ho yena: Asa, le lona Bajuda bohle le Benjamine, mmameleng. Jehova o na le lona mohla lona le nang le yena. Ha le ka nna la mmatla, o tla nne a fumanwe ke lona: mme ha le ka mo furalla, o tla le furalla le yena.


Hosasane, le theoheleng ho bona; ke bane, ba ya hlwa ka moepa wa Tsitse; le tla teana le bona phellong ya sekgutlo, maloka le lefeella la Jeruele.


Ipheng matla, le etse ka senna! Se tshoheng, mme le se ke la tepella ka baka la morena wa Assiria, leha e le ka baka la bongata bohle bo ho yena; hobane ya nang le rona o feta ya nang le yena.


Ho yena ho na le letsoho la nama, ho rona ho na le Jehova, Modimo wa rona, ho re tlatsa le ho lwana dintwa tsa rona. Mme setjhaba sa itshepisa ka mantswe a Esekiase, morena wa Juda.


Jehova wa makgotla o na le rona, Modimo wa Jakobo ke qhobosheane ya rona! (Sela.)


A pshemola maoto a makoloi a bona, hore a tsamaiswe ka boima. Yaba Baegepeta ba re: A re baleheleng Baiseraele, hobane Jehova o a ba lwanela, o lwantsha Baegepeta.


Yaba Jehova o re ho Moshe: Jwale, o tla bona seo ke tlang ho se etsa ho Faro; ke ka letsoho la ka le matla a tla se lokolla, mme ke ka letsoho la ka le matla a tla se leleka naheng ya hae.


Hobane Morena Jehova, Mohalaledi wa Iseraele, o re: Polokeho ya lona e dutse ho sokoloheng, le ho phomoleng; le tla fihlela matla boitulelong le tshepong; empa le hanne.


Hobane thuso ya Egepeta ke lefeela le bosawana; ke ka baka leo ke bitsang hoo: Modimo o moholo o sa sebetseng letho.


Esaia a re ho bona: Le bolelle monga lona, le re: Ho itswe ke Jehova: O se ke wa tshoha mantswe ao o a utlwileng, ao bahlanka ba morena wa Assiria ba nnyefotseng ka wona.


o se ke wa tshaba, hobane ke na le wena; o se ke wa tshoha, hobane ke Modimo wa hao; ke tla o fa matla, ke o thuse, ke o tiise ka letsoho la ka le letona la ho loka ha ka!


Ho molemo ho motho ho lebella le ho dulela pholoso ya Jehova ka sebete.


Batlang ho hotle, e seng ho hobe, le tle le phele, mme Jehova, Modimo wa makgotla, a fele a be le lona jwalokaha le bolela.


Feela, le se ke la ikgantshetsa Jehova; mme le se ke la tshaba batho ba naha eo, hobane re tla ba qeta; leswiti le se le tlohile hodima bona, kanthe Jehova o na le rona; le se ke la ba tshaba.


Bonang, morwetsana o tla emola, a tswale mora, mme lebitso la hae o tla bitswa Emmanuele, ke ho re, ha ho fetolwa, Modimo o na le rona.


mme le ba rute ho boloka tsohle tseo ke le laetseng tsona. Mme bonang, nna, ke na le lona kamehla yohle, ho isa bofelong ba lefatshe.


Ana re tla reng tabeng tseo na? Ha Modimo o eme le rona, ke mang ya ka hanang ho rona na?


Le se ke la e tshaba, hobane Jehova, Modimo wa lona, o tla le lwanela e le yena.


Morena Jesu Kreste a be le moya wa hao! Mohau o be le lona! Amen!


Ba ema e mong le e mong bakeng sa hae, ba teetse diahelo hare, mme bohle ba diahelong ba qala ho titimela mane le mane, ba howa, ba baleha.


Le bongata bona bohle bo tla tseba hobane Jehova ha a namolele ka sabole leha e le ka lerumo, hobane tlholo ke ya Jehova, mme o tla le neela matsohong a rona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ