Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 20:14 - Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Jwale, moya wa Jehova wa tlela Jahasiele, mora Sakaria, mora Benaia, mora Jeiele, mora Matthania, Molevi, wa bara ba Asafe, wa mo tshwara hara phutheho.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

14 Jwale Moya wa Morena wa theohela hodima Jahaseele, mora wa Sekariya, setloholo sa Benaya, setloholwana sa Jeiele, setlohotloholwana sa Mataneya, eo e neng e le Molevi wa leloko la Asafo. Wa theohela hodima hae a ntse a le kahara setjhaba.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 20:14
11 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

le Jishmaia wa Gibeone, senatla se seholo hara ba mashome a mararo, e le motsamaisi wa ba mashome a mararo, le Jeremia, le Jahasiele, le Johanane, le Josabade wa Gedera;


Yaba moya wa Jehova o tlela Asaria, mora Odede;


Bajuda bohle ba ema jwalo pela Jehova, hammoho le bana ba bona ba banyenyane, le basadi ba bona le bara ba bona.


Yaba moya wa Modimo o tshwara Sakaria, mora moprista Jehojada; a ema pela setjhaba, a re ho sona: Ho thwe ke Modimo: Le tlolelang melao ya Jehova? Ha le ka ke la atleha. Erekaha le furaletse Jehova, le yena o tla le furalla.


Ke moo o tlang ho bitsa, mme Jehova o tla araba; o tla howeletsa ho yena, mme o tla re: Ke nna enwa. Ha o fela o lesa ho jarisa motho boima, ho supa ka monwana, le ho etselletsa;


Etlare ba eso ho howe, ke tla be ke se ke ba arabile; etlare ba sa bolela, ke tla be ke se ke ba utlwile.


Balaame a emisa mahlo a hae, a bona Iseraele a emisitse ka meloko ya hae. Yaba Moya wa Modimo o ba hodima hae.


a re: Kornele, thapelo ya hao e utlwilwe, mme dithuso tsa hao di ile tsa hopolwa ke Modimo.


Yena ha a le tadima, a tshoha, mme a re ho lona: Taba ke efe, Morena? La re ho yena: Merapelo ya hao le dithuso tsa hao di nyolohetse pela Modimo, di tle di hopolwe.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ