Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 20:13 - Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Bajuda bohle ba ema jwalo pela Jehova, hammoho le bana ba bona ba banyenyane, le basadi ba bona le bara ba bona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

13 Setjhaba sohle sa Juda se ne se eme kapele ho Morena, se ena le masea a sona, le basadi ba sona, le bana ba sona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 20:13
8 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Oho, Modimo wa rona, na o ke ke wa ba ahlola na? Hobane ha ho matla ka ho rona a ho lwana le sera seno se seholohadi se re futuhelang; hape ha re tsebe hore na e ka kgona re etseng? empa mahlo a rona a tadimile wena.


Jwale, moya wa Jehova wa tlela Jahasiele, mora Sakaria, mora Benaia, mora Jeiele, mora Matthania, Molevi, wa bara ba Asafe, wa mo tshwara hara phutheho.


Esdrase a re a sa ntsane a rapela, a ipolela, a lla a kgumame pela ntlo ya Modimo, ha bokana ho yena phutheho e kgolo haholo ya Baiseraele, ho le banna le basadi le bana; setjhaba se ne se lla habohloko haholo.


Phuthang maqheku, le bokelle bana le ba anyang letswele; monyadi a tswe tlung ya hae, le monyaduwa phaposing ya hae!


Yaba batho ba Ninive ba dumela Modimo, ba bea letsatsi la ho itima dijo, ba apara bohle masela a mahwashe, ho qala ka e moholo wa bona ho isa ho e monyenyane.


Ha re se re qetile matsatsi ao, ra tloha, ra tsamaya; ha e le bona ba re felehetsa bohle ho fihlela kantle ho motse, ba ena le basadi ba bona le bana; ra kgumama ka mangwele lebopong, ra rapela,


Kajeno, emang kaofela ha lona pela Jehova, Modimo wa lona, le ena le dihlooho tsa meloko ya lona, le baholo ba lona, le bahlahlobi ba lona, le banna bohle ba Iseraele;


Bolokang ke hona ditaba tsa selekane sena, le di etse, le tle le atlehe tabeng tsohle tseo le tla di etsa.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ