Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 20:10 - Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Bona jwale, bana ba Ammone le Bamoabe le ba thaba ya Seire, e leng bao a sa kang wa dumella Baiseraele ho kena ha bona, mohla ba tswang lefatsheng la Egepeta, ba mpa ba ba fapoha, mme ba se ke ba ba timetsa,

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

10 “Ha bana ba Iseraele ba ne ba etswa Egepeta, o ne o ba laele hore ba se ke ba futuhela Baamone, le Bamoabe, le ditjhaba tse tswang thabeng ya Seire, mme ba fela ba ba kwekwetla, ba se ke ba ba timetsa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 20:10
10 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Kamora tseo, bana ba Moabe le bana ba Ammone ba ena le Bamaone ba bang, ba futuhela Josafate.


Ba re ba sa qala ho etsa dipina le dithoko, Jehova a bea balalli ba ho lwantsha bana ba Ammone le Bamoabe le ba thaba ya Seire ba futuhetseng Bajuda; mme ba hlolwa.


e leng ba ditenteng tsa Edomo, le Baishmaele, Bamoabe, le Bahagarene,


Gebale, le Ammone, le Amaleke, le Bafilesta hammoho le baahi ba Tire;


Jehova o itse: Ka baka la melato e meraro, kapa e mene ya Edimo — teng nke ke ka fetoha — kahobane o phalletse ngwanabo ka lerumo, o pupeditse mohau wa hae, bohale ba hae bo sa phetse ho harola, mme o boloka kgalefo ya hae kamehla;


mme o tla atamela pela bana ba Ammone. O se ke wa ba qala, mme o se ke wa ba lwantsha; hobane ha nka ke ka o nea letho naheng ya bana ba Ammone; hobane ke e neile bana ba Lota hore e be lefa la bona.


Jehova a re ho nna: O se ke wa qala Bamoabe, mme o se ke wa ba lwantsha, hobane ha nka ke ka o nea letho naheng ya bona; kahobane ke neile bana ba Lota Are, hore e be lefa la bona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ