Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 2:7 - Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Ha ho le jwalo, nthomele monna ya masene a ho sebetsa kgauta, le silefera, le koporo, le tshepe, le sekarelata, le vermilione, le purepera, ya tsebang le ho betla mebetlo yohle, a tle a tlatsane le banna ba masene bao ke nang le bona Juda le Jerusalema, ba seng ba ne ba kgethwe ke ntate Davida.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

7 “Ka lebaka lena, ako nthomelle monna wa setsebi, ya tsebang ho etsa dintho tsa kgauta, le tsa silefera, le tsa lethose, le tsa tshepe; ya tsebang le ho etsa masela a perese, le a mafubedu, le a maputswa; ya tla tseba ho rala ditshwantsho, a sebetse le banna ba ditsebi, bao ke nang le bona mona naheng ya Juda le Jerusalema, bao Davida, ntate, a seng a ba hlophile.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 2:7
9 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Le dikepe tsa Hirame, tse neng di latile kgauta Ofire, tsa lata Ofire le difate tsa almuge tse ngatangata, le mahakwe a bohlokwa.


e ne e le mora wa mosadi wa mohlolohadi wa leloko la Nefthali, ntatae e le motho wa Tire, lelala la koporo; e ne e le motho ya nang le kelello le kutlwisiso, le masene a ho sebetsa mesebetsi yohle ya koporo. A tla ho morena Salomone, a sebetsa mesebetsi ya hae yohle.


Hobane Modimo wa hae o mo rutile mokgwa o lokileng, o mo tsebisitse kamoo ho ka etswang kateng.


Le yona taba eo e tswa ho Jehova wa makgotla, ya nang le kutlwisiso e makatsang le kelello e kgolo.


Bara ba baditjhaba ba tla tsosa marako a hao, marena a tsona a o sebeletse, hobane, ke na be ke o otlile kgalefong ya ka, empa lerekong la ka ke o hauhetse.


Di hahile mahlakore a hao ka dikiprese tsa Senire, di nkile dikedare tsa Lebanone ho etsa sefate sa hao sa dikepe;


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ