2 Dikronike 2:4 - Sesotho 1909/1961 (SO)4 Bona, ke rerile ho hahela lebitso la Jehova, Modimo wa ka, ntlo, ke tle ke mo kgethele yona, ke mo tjhesetse dibano tse nkgang hamonate ho yona, le ho mmeela kamehla mahobe a pontsha le ditjheso tsa hosasa le tsa mantsiboya, le tsa Disabatha, le tsa dikgwedi tse thwasang, le tsa mekete ya Jehova, Modimo wa rona, kamoo e leng tshwanelo ya Iseraele kateng, ka ho sa feleng. အခန်းကိုကြည့်ပါ။BIBELE4 Bona, ke hahela Morena Modimo wa ka, Tempele moo a tla kgumamellwa teng, mme ke mo abela yona. Ke moo ke tla mo tjhesetsa mokubetso o monko o monate teng. Ke moo re tla bea bohobe bo halalelang teng, re etsetse le nyehelo ya setjheso teng, hoseng le mantsiboya, le ka disabatha, le ka mekete ya ho thwasa ha kgwedi, le ka mekete e halalelang ya Morena Modimo wa rona. Ena ke taelo ya kamehla yohle e laetsweng Baiseraele. အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
ka hosasa ho hong le ho hong le ka mantsiboya a mang le a mang, re tjhesetsa Jehova ditjheso le dibano tse monko o monate. Hape, re lokisa mahobe a pontsha tafoleng e hlwekileng, re hotetsa le kandelare ya kgauta le dilampi tsa yona ka shwalane e nngwe le e nngwe. Hobane re fela re boloka seo Jehova, Modimo wa rona, a itseng re se boloke; empa lona, le mo furaletse.