Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 2:16 - Sesotho 1909/1961 (SO)

16 rona, re tla rema difate tsa Lebanone, kahohle kamoo o ka di batlang kateng, re o isetse tsona ka lewatle, di kopantswe hammoho, re di fihlise Jafo; wena o tla di lata teng, o be o di nyolosetse Jerusalema.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

16 Rona re tla rema difate tsohle tseo o di hlokang, mona Lebanone, re di tlamahanye, re di akgele lewatleng, di sike le lebopo di phaphametse, ho ya fihla Jopo. Jwale wena o tla di nka, o di ise Jerusalema.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 2:16
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba Davida o laela hore ho phuthwe baditjhaba bohle ba lefatsheng la Iseraele; a bea dibetli ho betla majwe a ho haha ntlo ya Modimo.


Phutheho yohle ya Juda, le baprista, le Balevi, ba thaba hammoho le phutheho yohle ya Baiseraele ba tlileng le baditjhaba ba tlileng ba etswa naheng ya Iseraele, le ba neng ba ahile Juda.


Haele bohle ba neng ba setse ba Bahethe, le Baamore, le Baferese, le Baheve, le Bajebuse, bao e neng e se Baiseraele;


e leng ditloholo tsa bona tse neng di setse naheng, e leng bao bana ba Iseraele ba neng ba sitilwe ho ba timelletsa ruri, Salomone a kgetha hara bona ba sebetsang ka mokgwa wa bahlanka; le kajeno ke bona.


Yaba ba ntshetsa dibetli tsa majwe le tsa difate ditjhelete; ba nea Basidone le Batire dijo le dino le ole, ba re, ba ye ho lata difate tsa dikedare Lebanone, mme ba di tlise Jafo ka lewatle, kamoo ba dumeletsweng ke Siruse, morena wa Persia kateng.


Empa Jonase a tloha ho balehela Tarshishe, hole le sefahleho sa Jehova. A theohela Joppo, mme teng a fihlela sekepe se yang Tarshishe; yaba o ntsha tefo ya leeto, a kena ka sekepeng hore a tle a ye le batho ba sona Tarshishe, hole le sefahleho sa Jehova.


Dintho tsohle di entswe ke lona, mme hara dintho tse leng teng, ha ho letho le entsweng kantle ho lona.


Jwale, romela Jopo, o late Simone, ya reilweng Petrose; o fapohetse tlung ya Simone mosuhi, e pela lewatle; etlare hobane a tle, ke yena ya tla bua le wena.


Motseng wa Jopo, mosadi o ne a le teng, e leng morutuwa, ya bitswang Tabitha, ke ho re Dorkase, ha ho fetolwa; o ne a tletse mesebetsi e metle le dithuso tseo a neng a di etsa.


Erekaha Lidda a le haufi le Jopo, yare ha barutuwa ba utlwa hobane Petrose o teng, ba mo romella banna ba babedi, ho mo rapela hore a tle ho bona, a se ke a dieha.


Hoo ha tsejwa ke ba motse wa Jopo kaofela, mme ha dumelwa ho Morena ke ba bangata.


Petrose a dula Jopo matsatsi a mangatanyana, a dutse ha monna ya bitswang Simone, mosuhi wa matlalo.


le Me-Jarkone le Rakkone, hammoho le naha e mabapa le Jafo.


Tsatsing leo, Joshua a ba bea hore e be ba rathang patsi, le ba kgang metsi a phutheho le a aletare ya Jehova setsheng seo a tla ikgethela sona; le kajeno ho sa le jwalo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ