Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 2:15 - Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Jwale, monga ka a ke a romele bahlanka ba hae koro, le harese, le ole, le veine tseo a di boletseng;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

15 “Ka baka lena, monga ka a ke a romele koro, le harese, le veine, le ole, e leng tseo a buileng ka tsona, ho rona bahlanka ba hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 2:15
7 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Salomone a nea Hirame koro e dikore tse dikete tse mashome a mabedi, e be dijo tsa ba ntlo ya hae, le dikore tse mashome a mabedi tsa ole e hlwekileng; Salomone a nna a nea Hirame ho le hokalo ka lemo se seng le se seng.


Bona, bahlanka ba hao ba remang difate, ke tla ba nea dikore tse dikete tse mashome a mabedi tsa koro, le dikore tse dikete tse mashome a mabedi tsa harese, le dibathe tse dikete tse mashome a mabedi tsa veine, le dibathe tse dikete tse mashome a mabedi tsa ole.


rona, re tla rema difate tsa Lebanone, kahohle kamoo o ka di batlang kateng, re o isetse tsona ka lewatle, di kopantswe hammoho, re di fihlise Jafo; wena o tla di lata teng, o be o di nyolosetse Jerusalema.


Yaba ba ntshetsa dibetli tsa majwe le tsa difate ditjhelete; ba nea Basidone le Batire dijo le dino le ole, ba re, ba ye ho lata difate tsa dikedare Lebanone, mme ba di tlise Jafo ka lewatle, kamoo ba dumeletsweng ke Siruse, morena wa Persia kateng.


Bokgabane ba Lebanone bo tla tla ho wena; le kiprese le pine le fire hammoho, ho tle ho kgabiswe ka tsona nqalo ya sehalalelo sa ka, mme nqalo ya maoto a ka e etswe e kganyang.


Empa Jonase a tloha ho balehela Tarshishe, hole le sefahleho sa Jehova. A theohela Joppo, mme teng a fihlela sekepe se yang Tarshishe; yaba o ntsha tefo ya leeto, a kena ka sekepeng hore a tle a ye le batho ba sona Tarshishe, hole le sefahleho sa Jehova.


le Me-Jarkone le Rakkone, hammoho le naha e mabapa le Jafo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ