Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 2:12 - Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Hurame a eketsa, a re: Ho bokwe Jehova, Modimo wa Iseraele, ya entseng mahodimo le lefatshe, hobane o neile morena Davida mora ya bohlale, ya kelello, ya kutlwisiso, ya ratang ho hahela Jehova ntlo, le ho ikgahela ntlo ya borena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

12 Hirame a tswela pele, a re: “Ho bokwe Morena Modimo wa Iseraele, ya entseng lehodimo le lefatshe, ya neileng Davida mora ya bohlale, ya nang le kelello le kutlwisiso, ya tla hahela Morena Tempele, a be a ikgahele ntlo ya bokgosi.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 2:12
21 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Eitse Hirame ha a utlwa polelo tsa Salomone, a thaba haholo, a re: Ho bokwe Jehova kajeno, hobane o neile Davida mora ya bohlale ho busa setjhaba seo se seholo.


Davida a boela a re ho phutheho kaofela: Jwale, bokang Jehova, Modimo wa lona! Ebile moo phutheho yohle e bokang Jehova, Modimo wa bontata bona; ba inama, ba kgumama pela Jehova le pela morena.


Yaba Salomone o laela hore ho hahelwe lebitso la Jehova ntlo, le hore yena a hahelwe ntlo ya borena.


Jwale, ke o romela monna ya masene, ya kelello, Hurame-Abi;


Kgale o ne o thee lefatshe, mme mahodimo ke mosebetsi wa diatla tsa hao.


Ka baka la ho bokolla ha ka, masapo a ka a kgomaretse dinama tsa ka.


Thuso ya rona e lebitsong la Jehova, ya entseng mahodimo le lefatshe.


Mahodimo a entswe ke lentswe la Jehova, le makgotla wohle a wona ke pudulo ya molomo wa hae.


Empa Jehova ke Modimo wa nnete, ke Modimo o phelang, ke Morena wa kamehla le mehla; lefatshe le sisinyeha ke kgalefo ya wona, ditjhaba di ke ke tsa ema pela bohale bo tjhesang ba wona.


Ho bokwe Morena, Modimo wa Iseraele, hobane o etetse setjhaba sa hae, mme o se lopolotse.


ba re: Banna le etsetsang jwalo na? Athe le rona, re batho ba fokolang jwaloka lona; re le bolella hore le lese mekgwa eo ya bosawana, le hore le sokolohele ho Modimo o phelang, o entseng lehodimo, le lefatshe, le lewatle, le dintho tsohle tse ho wona.


Bao, ha ba utlwa tseo, ba phahamisetsa mantswe a bona ho Modimo ka pelo e le nngwe, ba re: Oho, Morena, ke wena Modimo o entseng lehodimo, le lefatshe, le lewatle, le tsohle tse ho wona.


Ho bokwe Modimo, Ntata Morena wa rona Jesu Kreste, kahobane ka boholo ba mohau wa wona o boetse o re tswaletse tshepong e phedisang ka ho tsoha ha Jesu Kreste bafung,


mme la hlapanya ka ya phelang kamehla le mehla, ya bopileng lehodimo le tse ho lona, le lefatshe le tse ho lona, le lewatle le tse ho lona, hore tieho ha e sa tla ba teng;


Morena, o loketswe ke ho newa kganya, le hlompho, le matla; hobane o hlodile dintho kaofela, mme ke ka ho rata ha hao di leng teng, di bileng di bopilwe.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ