Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 2:10 - Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Bona, bahlanka ba hao ba remang difate, ke tla ba nea dikore tse dikete tse mashome a mabedi tsa koro, le dikore tse dikete tse mashome a mabedi tsa harese, le dibathe tse dikete tse mashome a mabedi tsa veine, le dibathe tse dikete tse mashome a mabedi tsa ole.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

10 Ke tla o romela koro e etsang boima ba dithane tse dikete tse pedi, le harese e etsang boima ba dithane tse dikete tse pedi, le veine e etsang dilethara tse dikete tse makgolo a mane, le ole ya mohlwaare e etsang dilethara tse dikete tse makgolo a mane, hore e be dijo tsa bahlanka ba hao ba tla rema difate.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 2:10
11 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Salomone a nea Hirame koro e dikore tse dikete tse mashome a mabedi, e be dijo tsa ba ntlo ya hae, le dikore tse mashome a mabedi tsa ole e hlwekileng; Salomone a nna a nea Hirame ho le hokalo ka lemo se seng le se seng.


Botenya ba lona e ne e le bophara ba seatla, morumo wa lona wa bopjwa jwaloka morumo wa pitsa, o tshwana le dipalesa; le ne le tshelwa dibathe tse kete tse pedi.


A ntoo bopa merifi e leshome ya koporo, morifi o mong le o mong o tshetse dibathe tse mashome a mane. Morifi o mong le o mong boholo ba wona e ne e le ditswe tse nne, mme sedulwana se seng le se seng ho tse leshome se ne se na le morifi wa sona.


Davida a tseba kahoo hoba Jehova o mo tiisitse ho ba morena wa Iseraele, le hobane o phahamisitse mmuso wa hae ka baka la setjhaba sa hae sa Iseraele.


Jwale, monga ka a ke a romele bahlanka ba hae koro, le harese, le ole, le veine tseo a di boletseng;


Bona, bahlanka ba ka ba tla tlatsana le bahlanka ba hao, ba tle ba ntokisetse difate tse ngata; hobane ntlo eo ke yang ho e haha e tla ba e kgolo, e makatsang.


A ho bokwe Jehova, Modimo wa hao, ya kgahlilweng ke wena hore a o bee teroneng, o be morena ho kgahlisa Jehova, Modimo wa hao. Modimo o o beile morena wa Baiseraele, ho ba etsa ka bokgabane le ho loka, kahobane o a ba rata, mme o rata hore o ba phedise ka ho sa feleng.


Yaba ba ntshetsa dibetli tsa majwe le tsa difate ditjhelete; ba nea Basidone le Batire dijo le dino le ole, ba re, ba ye ho lata difate tsa dikedare Lebanone, mme ba di tlise Jafo ka lewatle, kamoo ba dumeletsweng ke Siruse, morena wa Persia kateng.


ho kgutla talenteng tse lekgolo tsa silefera, le dikoreng tse lekgolo tsa koro, le dibatheng tse lekgolo tsa veine, le dibatheng tse lekgolo tsa ole, ka letswai le se nang ho ngolwa bongata.


Le dule tlung eo, le ntse le eja, le enwa se ntshwang ke bona; hobane ya sebetsang o lokelwa ke moputso wa hae. Le se ke la ya tlung e nngwe le e nngwe.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ