Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 19:3 - Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Leha ho le jwalo, ho kile ha fumanwa ntho tse ntle ho wena, tsa kamoo o fedisitseng diashera kateng lefatsheng, le kamoo o sekamisitseng pelo ya hao kateng hore e batle Modimo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

3 Leha ho le jwalo, o entse ho hong ho lokileng: O tlositse ditshwantsho tsa Ashera naheng ena, mme o itokiseditse ho sebeletsa Modimo.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 19:3
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Baiseraele bohle ba tla mo llela, ba mo pate; hobane ke yena a nnotshi wa Jeroboame ya tla iswa lebitleng; hobane ke ho yena ho fihletsweng taba e nngwe e ntle ke Jehova, Modimo wa Iseraele, tlung ya Jeroboame.


Ba latelwa ke ba meloko yohle ya Iseraele ba batlang Jehova, Modimo wa Iseraele, ka pelo yohle ya bona, ba bileng ba tla Jerusalema ho hlabela Jehova, Modimo wa bontata bona.


Eitse ha Roboame a ikokobetsa, kgalefo ya Jehova ya mo kgutlela, a se ke a mo timelletsa ruri; hape, taba tse ding tsa Bajuda di ne di le molemo.


A mpa a nna a etsa ho leng hobe, a se ke a sekamisetsa pelo ya hae ho batla Jehova.


Ba itlama pela Jehova ka selekane sa hore ba tla batla Jehova, Modimo wa bontata bona, ka pelo yohle le ka moya wohle;


Bajuda kaofela ba thabela kano eo, hobane ba ne ba itlamile ka kano eo ka dipelo tsohle tsa bona, mme ba ne ba batlile Modimo ka takatso e tletseng ya bona; wa ba wa fumanwa ke bona; mme Jehova a ba nea phomolo ka nqa tsohle.


Josafate a tshoha, a hla a batla Jehova, mme a tsebisa Bajuda bohle hore ba itime dijo.


Feela, dinqalo tse diphahameng ha di a ka tsa tloswa, hobane setjhaba se ne se eso ho sekamise dipelo tsa sona ho batla Modimo wa bontata sona.


A batla le yena Akasia; ba mo tshwara a ipatile Samaria, ba mo tlisa ho Jehu, mme ba mmolaya. Ba mo epela, ba re: Ke mora Josafate ya kileng a batla Jehova ka pelo yohle ya hae. Mme ha ho a ka ha sala le a mong wa ntlo ya Akasia ya nang le matla a ho rena.


Jothame a ba matla, kahobane a ne a tiisitse metsamao ya hae pela Jehova, Modimo wa hae.


ba tlamileng dipelo tsa bona ho tla batla Modimo Jehova, Modimo wa bontata bona, leha ba sa ka ba hlwekiswa ka ho ya ka hlwekiso ya sehalalelo.


Hobane Esdrase o ne a sekehetse pelo ya hae ho batla molao wa Jehova le ho etsa ka wona, le ho ruta Baiseraele melao le dikahlolo.


Modimo, pelo ya ka e tiile, pelo ya ka e tiile. Ke rata ho o roka ka dipina le ka difela.


Hobane ke tseba hore ha ho molemo o ahileng ka ho nna, ke ho re, nameng ya ka; hobane haele ho rata, hona ho teng ho nna, empa haele ho etsa se molemo, ha ke ho fihlele.


Ebile Samuele o bua le bohle ba ntlo ya Iseraele, a re: Ha le sokolohela ho Jehova ka dipelo tsohle tsa lona, le ke le tlose medimo esele, le Diashtarothe hara lona; le hlekele Jehova dipelo tsa lona, mme le sebeletse yena a nnotshi, etlaba hona a le namolelang matsohong a Bafilesta.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ