Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 19:11 - Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Bonang, Amaria, moprista e moholo, e tla ba yena hlooho ya lona tabeng tsohle tsa Jehova; Sebadia, mora Ishmaele, hlooho ya ntlo ya Juda, yena e tla ba hlooho ya lona ditabeng tsohle tsa morena; hape Balevi e tla ba bahlahlobi pela lona. Ipheng matla, le etse, mme Jehova a be le motho ya etsang hantle.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

11 “Moprista e Moholo Amariya, ke yena ya tla le okamela ditabeng tsohle tsa Morena. Sebadiya, mora wa Ishemaele, mmusi wa setjhaba sa Juda, o tla le okamela ditabeng tsohle tsa kgosi, mme Balevi e tla ba basebeletsi ba lona. Sebetsang ka sebete, mme Morena a ke a thuse ba lokileng.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 19:11
28 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jwale, mora ka, Jehova a ke a be le wena, hore o tle o atlehe, mme o hahe ntlo ya Jehova, Modimo wa hao, kamoo a felang a boletse kateng, bakeng sa hao.


Haele kgauta, le silefera, le koporo, le tshepe, ha di na palo. Ema, o sebetse, mme Jehova a ke a be le wena.


Jwale, sekamisetsang pelo tsa lona le meya ya lona ho batla Jehova, Modimo wa lona; le eme, mme le hahe sehalalelo sa Jehova Modimo, hore le tle le tlise areka ya selekane sa Jehova le diphahlo tse kgethehileng tsa Modimo tlung e tla hahelwa lebitso la Jehova.


Ho Bahebrone, Hashabia le banababo, banna ba bohale ba sekete se nang le makgolo a supileng, ba bewa bahlahlobi ba Baiseraele ba mose o kwano ho Jordane, ka nqa bophirimela, ho sebetsa mesebetsi yohle ya Jehova le mesebetsi ya morena.


Jeria, hlooho, le banababo e neng e le banna ba bahale, ba ne ba etsa kete tse pedi tse nang le makgolo a supileng a dihlooho tsa matlo a bontata bona. Morena Davida a ba bea bahlahlobi ba Barubene, ho sebetsa mesebetsi yohle ya Modimo le mesebetsi ya morena.


Davida a eketsa a re ho Salomone, mora hae: Iphe matla, mme o tiye, mme o etse. Se tshabe, mme o se ke wa tshoha; hobane Jehova Modimo, Modimo wa ka, o tla nne a be le wena; a ke ke a o tlohela, a ke ke a o furulla, ho be ho phethehe mosebetsi wohle wa tshebeletso ya ntlo ya Jehova.


Asaria a tswala Amaria, Amaria a tswala Akitube,


a tswela ho ya kgahlanyetsa Asa, a re ho yena: Asa, le lona Bajuda bohle le Benjamine, mmameleng. Jehova o na le lona mohla lona le nang le yena. Ha le ka nna la mmatla, o tla nne a fumanwe ke lona: mme ha le ka mo furalla, o tla le furalla le yena.


Haele lona, ipheng matla, mme matsoho a lona a se ke a tepella; hobane moputso o tla ba teng bakeng sa seo le se etsang.


A re ho baahlodi: Bonang, seo le se etsang: hobane ha le na ho ahlolela motho, empa e le Jehova; o tla ba le lona tabeng tsohle tseo le tla di ahlola.


Eitse hobane ho kgutlelwe Jerusalema, Josafate a boela a bea Balevi Jerusalema le baprista le dihlooho tsa matlo a bontata Baiseraele, ho tshwara dikahlolo tsa Jehova le dinyewe.


mora Abishua, mora Finease, mora Eleasare, mora Aarone, moprista e moholo, ke re, Esdrase eo a tloha Babilona.


Ho lehlohonolo ya fanang, ya adimanang; nyewe ya hae e tla emelwa kahlolong.


Jehova o tiisa metsamao ya ya lokileng, o kgahliswa ke tsela ya hae;


Ka baka leo, tsamaya ka mehlala ya batho ba molemo, u tiisetse tseleng ya ba lokileng;


Efela motho eo o mo ratang, o ye o mo nee bohlale le tsebo le thabo; athe ya etsang sebe, Modimo o ye o mo nee mosebetsi wa ho bokella le ho totisa, hore o tle o nee eo o mo ratang. Hoo le hona ke lefeela le mosebetsi o nyopileng.


Ho itswe ke Jehova: Emang ditseleng le tadime, le botse ditsela tsa kgale; botsang hore na tsela e ntle ke efe? mme le tsamaye ka yona, le tle le fumanele meya ya lona phomolo. Ba mpa ba re: Ha re na ho tsamaya teng.


Hobane melomo ya moprista e tshwanetse ho boloka tsebo, molao o tle o batlwe molomong wa hae, hobane ke lenqosa la Jehova wa makgotla.


Monna ya bitswang Josefa, monna wa lekgotla, o ne a le teng, e le monna ya molemo, ya lokileng.


Hobane e ne e le monna ya molemo, ya tletseng Moya o Halalelang le tumelo; mme batho ba bangata haholo ba kgomarela Morena.


Fadimehang, le tiye tumelong; le etse ka senna, le matlafale.


Haele wena, mora ka o iphe matla mohaung o ho Jesu Kreste.


Iphe matla, o etse ka senna, hobane ke wena o tla ruisa setjhaba sena fatshe leo ke hlapanyeditseng bontata bona, ka re, ke tla ba nea lona.


Hleka ha ke a ka ka o laela, ka re, o iphe matla, o etse ka senna na? Se tshohe, mme o se ke wa tshaba, hobane Jehova, Modimo wa hao, o na le wena kahohle moo o yang teng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ