Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 18:5 - Sesotho 1909/1961 (SO)

5 Morena wa Iseraele a bokanya baporofeta, e le banna ba makgolo a mane, a re ho bona: Hleka re tla futuhela Ramothe-Gileade, kapa ke lese na? Ba re: Nyoloha, Modimo o tla o neela matsohong a morena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

5 Kgosi ya kgobokanya baporofeta ba ka bang makgolo a mane, ya re ho bona: “Na re ka futuhela Rama e Gileade, kapa tjhe?” Ba re ho kgosi: “Futuha, hobane Morena o tla neelana ka Rama e Gileade matsohong a kgosi.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 18:5
22 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

A re ho bona: Lona le nkeletsa ka taba efe eo ke tla araba setjhaba sena ka yona, kamoo se itseng ho nna kateng: Qephisa joko eo ntatao a re jarisitseng yona?


Romela jwale, o mpokellele Baiseraele bohle thabeng ya Karmele, le baporofeta ba Baale ba makgolo a mane a mashome a mahlano, le baporofeta ba Ashtarothe ba makgolo a mane, ba jelang tafoleng ya Jesebele.


Ke Bene-Gebere, a beilwe Ramothe-Gileade, metseng ya Jaire, mora Manasse, naheng ya Gileade; a bewa le naheng ya Argobe, Bashane; ke metse e mashome a tsheletseng e meholo e nang le marako le mekwallo ya koporo.


Elisha a re ho morena wa Iseraele: Ke na le taba efe le wena? Ikele ho baporofeta ba ntatao le ho baporofeta ba mmao! Empa morena wa Iseraele a re ho yena: Tjhe, hobane Jehova o bitsitse marena ana a mararo, ho a neela matsohong a Bamoabe.


Yaba o fihla ho morena, mme morena a re ho yena: Mikea, na re tla futuhela Ramothe-Gileade kapa ke lese na? A re ho yena: Futuhang, le tla atleha, ba tla neelwa matsohong a lona!


Josafate a re ho morena wa Iseraele: Ako botse molomo wa Jehova pele.


Josafate a re: Ana ha ho sa le mporofeta wa Jehova mona, eo re ka mmotsang na?


Empa baporofeteng ba Jerusalema ke bone manyala, ho feba le ho tsamaya leshanong; ba tiisa matsoho a ba babe, ba tle ba se ke ba sokoloha e mong le e mong bobeng ba hae. Ho nna kaofela ha bona ba jwaloka Sodoma, baahi ba teng ba jwaloka Gomorra.


Ho itswe ke Jehova wa makgotla: Le se ke la mamela mantswe a baporofeta ba le porofetelang; ba le tshepisa bosawana, ba bolela tshenolo ya dipelo tsa bona, e seng e tswang molomong wa Jehova.


Ho boleleng ba bolella ba nnyedisang, ba re: Lentswe la Jehova le re: Kgotso e tla ba teng ho lona; le ho bohle ba tsamayang ka bothata ba dipelo tsa bona, ba re: Le ke ke la hlahelwa ke bobe.


Hobane le ithetsa meyeng ya lona, athe le nthomile ho Jehova, Modimo wa lona, ka ho re: Aku re rapelle ho Jehova, Modimo wa rona; tsohle tseo Jehova, Modimo wa rona, a tla di bolela, o ke o re tsebise tsona, re di etse.


Erekaha le hlomodisitse ka bohata pelo ya ya lokileng eo ke neng ke sa mo hlomodise, mme le natlafaditse diatla tsa e mobe, hore a se ke a sokoloha tseleng ya hae e mpe, a tle a tsebe ho pholoswa,


Hoja motho o teng ya tsamaelang lefeela le bohata, ya thetsang ka ho re: Ke tla o porofetela bakeng sa veine le jwala! ekabeba moporofeta eo ke ya ka lokelang setjhaba sena.


Hlooho tsa teng di ahlolela dimpho, baprista ba teng ba ruta ka baka la moputso, baporofeta ba teng ba noha ka baka la tjhelete; leha ho le jwalo, ba ikokotlela ka Jehova, ba re: Na Jehova ha a hara rona na? Bobe bo ke ke ba fihla hodima rona!


Hobane nako e tla ba teng eo ba ke keng ba mamella thuto ya pholoho, empa ka baka la ho hlohlona ha ditsebe tsa bona, ba tla ipokelella baruti ba dumellanang le ditakatso tsa bona;


Mme sebata sa tshwarwa, mme hammoho le sona ha tshwarwa moporofeta wa bohata ya neng a etsa mehlolo pela sona, eo a kgelositseng ka yona ba nkileng letshwao la sebata le ba rapetseng setshwantsho sa sona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ