Kamora tseo, Davida a botsa Jehova, a re: Na ke tla ya ho o mong wa metse ya Juda na? Jehova a re ho yena: Eya. Davida a re: Ke tla ya ho ofe? Jehova a re: Eya Hebrone.
Ebile Davida a botsa Jehova, a re: Na ke tla nyolohela mo lwantsha Bafilesta? Na o tla ba neela matsohong a ka na? Jehova a re ho Davida: Nyoloha, hobane ruri ke tla neela Bafilesta matsohong a hao.
Akabe, morena wa Iseraele, a re ho Josafate, morena wa Juda: Na o tla ya le nna Ramothe-Gileade na? Josafate a re: Ke ka wena, le setjhaba sa ka se ka setjhaba sa hao; re tla futuha le wena.
Morena wa Iseraele a bokanya baporofeta, e le banna ba makgolo a mane, a re ho bona: Hleka re tla futuhela Ramothe-Gileade, kapa ke lese na? Ba re: Nyoloha, Modimo o tla o neela matsohong a morena.
Ntho e teng eo ke e kopang ho Jehova, eo ke ratang ho e bona, ke hobane ke dule ka tlung ya Jehova ka ditshiu tsohle tsa bophelo ba ka, ke tle ke bohe bokgabane ba Jehova, ke lekodisise tempele ya hae.
O ke o re botsetse Jehova, hobane Nebukadresare, morena wa Babilona, o a re lwantsha; ekaba Jehova a ka re etsetsa o mong wa mehlolo ya hae, hore eo a tlohe ho rona.
Mora motho, bolella baholo ba Iseraele, o re ho bona: Morena Jehova o re: Na le tlile ho mpotsa na? Ke a phela, ha ke dumele ho botswa ke lona: ho rialo Morena Jehova.