Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 18:31 - Sesotho 1909/1961 (SO)

31 Eitse ha balaodi ba makoloi ba bona Josafate, ba re: Ruri morena wa Iseraele ke eo. Ba kgelohela ho ya mo lwantsha; empa Josafate a meketsa; Jehova a mo thusa, mme Modimo wa ba hlohlelletsa hore ba mo tlohele.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

31 Ha balaodi ba dikariki tsa ntwa ba bona Jehoshafate, ba re: “Enwa ke yena kgosi ya Iseraele!” Ba mo etsetsa sakana-la-nkope, ba mo lwantsha. Jehoshafate a hlaba mokgosi, mme Morena a mo thusa, a etsa hore ba kgaotse ho mo lwantsha.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 18:31
21 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ba ya ba tlatsitswe, mme Bahagarene ba neelwa matsohong a bona, le bohle bao ba neng ba na le bona; hobane bao ba ne ba howeleditse ho Modimo ba le ntweng, mme wa ba utlwa, ke hobane ba ne ba beile tshepo ya bona ho wona.


Eitse ha Bajuda ba reteleha, ba bona ntwa e ba tlela kapele le kamorao. Yaba ba howeletsa ho Jehova; baprista ba letsa diterompeta;


batho ba Juda ba etsa ditlatse; ha batho ba Juda ba etsa ditlatse, Jehova a qhala Jeroboame le Baiseraele bohle pela Abija le Juda;


Asa a howeletsa ho Jehova, Modimo wa hae, a re: Oho, Jehova, ha ho e mong ya ka namolelang ya se nang matla ho ya nang le matla, haese wena; re tlatse, Jehova, Modimo wa rona, hobane re itshetlehile ka wena, mme re futuhetse bongata boo ka lebitso la hao. Ke wena Jehova, Modimo wa rona: motho ya shwang a se ke a o sita.


Haele morena wa Siria, o ne a laetse balaodi ba makoloi ao a nang le wona, a re: Le se ke la lwantsha e monyenyane, kapa e moholo, haese morena wa Iseraele a nnotshi.


Eitse ha balaodi ba makoloi ba bona hobane hase morena wa Iseraele, ba mo kgutlela.


Mme Modimo wa mo tlatsa ho lwantsha Bafilesta le Baarabe ba ahileng Gure-Baale, le Bamaone.


Ka selemo sa ho qala Siruse, morena wa Persia, hore ho tle ho phethehe lentswe la Jehova le boletsweng ke Jeremia, Jehova a susumetsa pelo ya Siruse, morena wa Persia; yaba o tumisa kahohle mmusong wa hae ka mokgosi le ka mangolo taba e reng:


Ho bokwe Jehova, Modimo wa bontata rona, ya beileng taba tse kalo, pelong ya morena tsa hore ho kgabiswe ntlo ya Jehova ya Jerusalema,


Oho hle, Jehova, tsebe ya hao a e ke e sekehele thapelo ya mohlanka wa hao le thapelo ya bahlanka ba hao ba ithatetseng ho tshaba lebitso le hao; o ke o atlehise mohlanka wa hao kajeno, mme o mo fumantshe mohau pela monna eno. Ke ne ke le moqhatsetsi wa morena.


O ratile ho nthapalatsa ka ho ntshusumetsa, empa Jehova e bile thuso ya ka.


Lengeloi la Jehova le lara pela ba mo tshabang, le a ba boloka.


Modimo ke setshabelo sa rona le matla a rona, ke thuso e fetisisang ditsietsing.


Jehova wa makgotla o na le rona, Modimo wa Jakobo ke qhobosheane ya rona! (Sela.)


Ke ithorisa ka Modimo, ka lentswe la wona; ke ithorisa ka Jehova, ka lentswe la hae.


Hola Jehova a sa ka a nthusa, moya wa ka o ka be o phakisitse ho ya aha nqalong ya kgutso.


Yare ha Faro a atamela, bana ba Iseraele ba lelatsa mahlo, ba bona Baegepeta ba ba phalletse, mme ba tshoha hampe; bana ba Iseraele ba howeletsa ho Jehova.


Jehova ha a kgahlwa ke ho tsamaya ha motho, o boelantsha dira tsa hae le yena.


Pelo ya morena e letsohong la Jehova, o e lebisetsa hohle moo a ratang teng, jwaloka melatswana ya metsi.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ