Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 18:19 - Sesotho 1909/1961 (SO)

19 Jehova o itse: Ke mang ya tla thetsa Akabe, morena wa Iseraele, hore a ye ho bolaelwa Ramothe-Gileade? E mong o buile ka hore, e mong ka hore.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

19 Morena a re: ‘Ke mang ya tla qhekanyetsa Akabe hore a futuhe, a tle a yo bolaelwa Rama e Gileade?’ “E mong a bua tjena, e mong a bua tjena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 18:19
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jehova o itse: Ke mang ya tla thetsa Akabe, hore a ye ho bolaelwa Ramothe-Gileade? E mong o buile ka hore, e mong ka hore.


Ke Bene-Gebere, a beilwe Ramothe-Gileade, metseng ya Jaire, mora Manasse, naheng ya Gileade; a bewa le naheng ya Argobe, Bashane; ke metse e mashome a tsheletseng e meholo e nang le marako le mekwallo ya koporo.


Mikea a re: Mamelang lentswe la Jehova ke hona: Ke bone Jehova a dutse teroneng ya hae, le makgotla wohle a mahodimo a eme ho le letona la hae le ho le letshehadi.


Yaba ho tla moya o mong, wa ema pela Jehova, wa re: Ke nna ke tla mo thetsa.


Jehova a re ho wona: Ka mokgwa ofe? Wa re: Ke tla ya, ke iketse moya wa leshano melomong ya baporofeta ba hae kaofela. A re ho wona: O tla mo thetsa, o be o hlole. Eya, o etse jwalo.


O itse: Bona, ke hlotse Baedomo! mme pelo ya hao e o kakasitse hore o ithorise. O mpe o dule ha hao jwale; o ikenyetsang bomadimabeng, hore ho we wena le Juda hammoho?


Ha o ka ya le bona, leha o ka etsa ketso tse matla ntweng, Modimo o tla o diha pela dira, hobane Modimo o na le matla a ho tlasa le a ho diha.


Ho wona ho dutse matla le bohlale; ya kgelohileng le ya kgelosang ba matleng a wona.


Ho loka ha motho ya lokileng ho tla mo hlekela tsela, empa e mobe o tla dihelwa ke bobe ba hae.


Bona, ke nna ke bopileng lelala le futhang mashala nekong, le teang lerumo kamoo le hopotseng kateng, mme esale nna ke bopileng mosenyi ho senya.


Leha moporofeta a ka thetswa, a ba a bua polelo, e tla ba nna, Jehova, ke thetsitseng moporofeta eo; ke tla mo otlollela letsoho la ka, ke tle ke mo timeletse setjhabeng sa ka sa Iseraele.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ