Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 18:18 - Sesotho 1909/1961 (SO)

18 Mikea a re: Mamelang lentswe la Jehova ke hona: Ke bone Jehova a dutse teroneng ya hae, le makgotla wohle a mahodimo a eme ho le letona la hae le ho le letshehadi.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

18 Mmikiya a tswela pele, a re: “Ka baka leo he, utlwa lentswe la Morena: Ke bone Morena a dutse teroneng ya hae, mme mabotho wohle a lehodimo a eme pela hae ka letsohong la hae le letona, le ka letsohong la hae le letshehadi.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 18:18
17 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Eitse ha Jakobo a a bona, a re: Ana ke makgotla a Modimo! Mme nqalo eo a e rea lebitso la Mahanaime (makgotla a mabedi).


Yaba morena wa Iseraele o re ho Josafate: Ana ha ke a ka ka o bolella ka re, a ke ke a mporofetela molemo, e tla ba bobe feela?


Jehova o itse: Ke mang ya tla thetsa Akabe, morena wa Iseraele, hore a ye ho bolaelwa Ramothe-Gileade? E mong o buile ka hore, e mong ka hore.


Marena a Sodoma, utlwang lentswe la Jehova, le sekehele molao wa Modimo wa rona ditsebe, lona tjhaba sa Gomorra!


Ka baka leo, utlwang lentswe la Jehova, lona basomi, ba busang setjhaba sena sa Jerusalema!


Yaba Esaia o re ho Esekiase: Mamela lentswe la Jehova wa makgotla.


o re: Mamelang lentswe la Jehova, lona marena a Juda le baahi ba Jerusalema. Ho itswe ke Jehova wa makgotla, Modimo wa Iseraele: Bonang, ke ya tlisetsa nqalo ena bobe boo e mong le e mong ya bo utlwang, ditsebe tsa hae di tla re tsii.


Utlwang lentswe la Jehova, lona ntlo ya Jakobo le lona meloko kaofela ya ntlo ya Iseraele!


Leha ho le jwalo, o mamele lentswe la Jehova, wena Tsedekia, morena wa Juda: Ho itswe ke Jehova bakeng sa hao: O ke ke wa shwa ke lerumo;


Noka ya mollo e ne e tswa ho yena, e matha pela hae; o ne a sebeletswa ke dikete tsa dikete, dimillione tsa dimillione di ne di eme pela hae; baahlodi ba dula, mme dibuka tsa phetlwa.


Ka tadima ho fihlela diterone di ba di bewa, mme Moholo wa matsatsi a dula; seaparo sa hae se ne se le sesweu jwaloka lehlwa, moriri wa hlooho ya hae o ne o le mosweu jwaloka boya ba nku bo hlatswehileng; terone ya hae e ne e tswa malakabe a mollo, le mabidi a yona a ne a le jwaloka mollo o tukang.


Jwale, utlwa lentswe la Jehova, wena o reng: O se ke wa porofeta hodima Iseraele, o se ke wa bua hodima ntlo ya Isaaka;


Monna, ya emeng hara difate tsa mirte, a bua, a re: Ke bao Jehova a ba romileng ho ya le lefatshe.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ