Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 18:11 - Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Baporofeta bohle ba ne ba porofeta jwalo, ba re: Nyolohela Ramothe-Gileade; o tla atleha, Jehova o tla o neela matsohong a morena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

11 Baporofeta bohle ba porofeta jwalo, ba re: “Futuhela Rama e Gileade, o tla atleha, hobane Morena o tla neelana ka yona matsohong a kgosi.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 18:11
11 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ke Bene-Gebere, a beilwe Ramothe-Gileade, metseng ya Jaire, mora Manasse, naheng ya Gileade; a bewa le naheng ya Argobe, Bashane; ke metse e mashome a tsheletseng e meholo e nang le marako le mekwallo ya koporo.


Tsedekia, mora Kenaana, o ne a iketseditse dinaka tsa tshepe, a re: Jehova o re: Ka tsena o tla thula Basiria, o be o ba qete.


Haele lenqosa le ileng ho bitsa Mikea, la re ho yena: Bona, baporofeta ba ntswe leng ho bolella morena molemo. Ke re, lentswe la hao le lona le be jwaloka lentswe la e mong le e mong wa bona, o bolele molemo.


Morena wa Iseraele a bokanya baporofeta, e le banna ba makgolo a mane, a re ho bona: Hleka re tla futuhela Ramothe-Gileade, kapa ke lese na? Ba re: Nyoloha, Modimo o tla o neela matsohong a morena.


Ho itswe ke Jehova bakeng sa baporofeta ba thetsang setjhaba sa ka, bao ereng ha ba hlafuna ka meno a bona, ba bolele kgotso, empa ha motho a sa ba futise letho, ba mo tsosetse ntwa ...


Ke batho ba korotlang, ba kgananang, ba yang ka ditakatso tsa bona; melomo ya bona e bolela tsa boikgohomoso, ba tadima tshobotso ya batho ka takatso ya moruo.


Mme sebata sa tshwarwa, mme hammoho le sona ha tshwarwa moporofeta wa bohata ya neng a etsa mehlolo pela sona, eo a kgelositseng ka yona ba nkileng letshwao la sebata le ba rapetseng setshwantsho sa sona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ