Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 18:10 - Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Tsedekia, mora Kenaana, o ne a iketseditse dinaka tsa tshepe, a re: Jehova o re: Ka tsena o tla thula Basiria, o be o ba qete.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

10 Sedekia, mora wa Kenaneya, o ne a iketseditse dinaka tsa tshepe, mme a re: “Morena o bua tjena: ‘Ka dinaka tsena o tla sututsa Baarame ho fihlela o ba timetsa.’ ”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 18:10
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Tsedekia, mora Kenaana, o ne a iketseditse dinaka tsa tshepe, a re: Ho itswe ke Jehova: Ka tsena o tla thula Basiria, o be o ba qete.


Baporofeta bohle ba ne ba porofeta jwalo, ba re: Nyolohela Ramothe-Gileade; o tla atleha, Jehova o tla o neela matsohong a morena.


Morena wa Iseraele le Josafate, morena wa Juda, ba ne ba dutse e mong le e mong teroneng ya hae; ba ne ba dutse lekgotleng le kgorong ya Samaria, mme baporofeta bohle ba ne ba ntse ba porofeta pela bona.


Ho boleleng ba bolella ba nnyedisang, ba re: Lentswe la Jehova le re: Kgotso e tla ba teng ho lona; le ho bohle ba tsamayang ka bothata ba dipelo tsa bona, ba re: Le ke ke la hlahelwa ke bobe.


Ha ke a ka ka roma baprofeta bao, mme bona ba mathile; ha ke a ka ka bua le bona, mme bona ba porofetile.


Ke utlwile se boletsweng ka baporofeta ba porofetang leshano ka lebitso la ka, ha ba re: Re lorile, re lorile.


Bonang, ho bolela Jehova, ke na le tseko le baporofeta ba itherellang puo, ba re: Ho boletse Modimo.


O iketsetse marapo le dijoko, o di rwale molaleng wa hao;


Ho itswe ke Jehova wa makgotla, Modimo wa Iseraele, bakeng sa Akabe, mora Kolaia, le sa Tsedekia, mora Maaseia, ba ntseng ba le porofetela leshano ka lebitso la ka: Bonang, ke ya ba neela matsohong a Nebukadresare, morena wa Babilona, a tle a ba bolaye mahlong a lona.


Na ha le a bona pono ya lefeela, na ha le a bolela bonohe ba leshano, ha le re: Ho itswe ke Jehova! athe ha ke a ka ka bua?


Baporofeta ba yona ba peqa ntho tseo kaofela ka seretse se sa tsebisahaleng. Ba na le dipono tsa lefeela, ba ba nohela leshano, ba re: Morena Jehova o re ... athe Jehova ha a ka a re letho.


Mme jwalokaha Janese le Jambrese ba ne ba hanyetsa Moshe, bao le bona ba hanela nnete jwalo; ke batho ba dikelello tse bodileng, ba lahlilweng ka nqeng ya tumelo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ