Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 17:6 - Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Pelo ya hae ya hola tsebong ya ditsela tsa Jehova, mme a hla a tlosa dinqalo tse diphahameng le diashera hara Juda.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

6 A ba motlotlo ho sebeletsa Morena. A ba a fedisa le dibaka tseo ho rapellwang medimo ya bohata ho tsona, a tlosa le ditshwantsho tsa Ashera naheng ya Juda.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 17:6
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

A tsamaya ka mehlala yohle ya ntatae Asa, a se ke a e kgeloha, a etsa tse lokileng mahlong a Jehova.


Asa a etsa ho molemo, ho lokileng pela Jehova, Modimo wa hae.


A qhaqholla dialetare tsa medimo esele le dinqalo tse diphahameng; a bolaya ditshwantsho, mme a heletsa diashere;


Empa dinqalo tse diphahameng ha di a ka tsa tloswa Iseraeleng; leha ho le jwalo, pelo ya Asa ya eba ya Jehova kaofela ha yona ka ditshiu tsohle tsa ho phela ha hae.


Leha ho le jwalo, ho kile ha fumanwa ntho tse ntle ho wena, tsa kamoo o fedisitseng diashera kateng lefatsheng, le kamoo o sekamisitseng pelo ya hao kateng hore e batle Modimo.


Feela, dinqalo tse diphahameng ha di a ka tsa tloswa, hobane setjhaba se ne se eso ho sekamise dipelo tsa sona ho batla Modimo wa bontata sona.


Eitse hobane tseo kaofela di fele, Baiseraele bohle ba neng ba le teng ba tloha, ba ya metseng ya Juda; ba robaka ditshwantso, ba heletsa diashera, ba qhaqha dinqalo tse diphahameng, le dialetare naheng yohle ya Juda le ya Benjamine, le ya Efraime le Manasse, ba ba ba qetedisisa; bana ba Iseraele ba ntoo kgutlela metseng ya bona, e mong le e mong ha hae.


hobane moo o tla fumana thabo ho Ya matla wohle, o emisetse sefahleho sa hao ho Modimo.


ALEF. Ho lehlohonolo bao metsamao ya bona e tshepehang, ba yang ka molao wa Jehova!


a tla roka ditsela tsa Jehova, hobane kganya ya Jehova e kgolo.


Le mpe le qhaqhe dialetare tsa bona, le robake ditshwantsho tsa bona, le tlose diashera tsa bona;


Ke ofe ya bohlale, ya ka utlwisisang taba tseo, ya nang le kelello hore a di tsebe? Hobane ditsela tsa Jehova di lokile, ba lokileng ba tla tsamaya ho tsona, empa baikgantshi ba tla kgoptjwa ho tsona.


a re: Wena, motho ya tletseng thetso yohle le mano a mabe wohle, mora Diabolose, sera ho tsohle tse lokileng, na o tla lesa neng ho sokanya tsela tsa Morena tse lokileng na?


Kahobane o tla be o sa ka wa sebeletsa Jehova, Modimo wa hao, ka thabo le ka pelo e monate, ka baka la ho atelwa ke ntho tsohle,


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ