Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 17:17 - Sesotho 1909/1961 (SO)

17 Lelokong la Benjamine, e ne e le senatla Eliada, a ena le ba dikete tse makgolo a mabedi ba hlometseng seqha le thebe;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

17 Ho ba morabe wa Benjamine e ne e le Eleada wa mohale, ya neng a laola bahlabani ba dikete tse makgolo a mabedi, ba hlomelang ka dithebe le ka diqha.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 17:17
7 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Bao kaofela ke bara ba Jediaele, ha ho uwa ka dihlooho tsa matlo a bontata bona, e le banna ba bahale, banna ba dikete tse leshome le metso e supileng tse nang le makgolo a mabedi, ba loketseng ho futuha le ho lwana.


A re ho Bajuda: A re haheng metse eo; re e dikadiketse ka marako, le ditora, le mamati le mekwallo; lefatshe e sa ntsane e le la rona, kahobane re batlile Jehova, Modimo wa rona; re mmatlile, mme o re neile phomolo ka nqa tsohle. Ba haha ke hona, mme ba atleha.


Asa o ne a na le sera sa batho ba dikete tse makgolo a mararo a Bajuda, ba hlometseng thebe e kgolo le lerumo, le se seng sa batho ba dikete tse makgolo a mabedi a mashome a robileng meno e le mmedi a Babenjamine, ba hlometseng thejana, ba fulang le ka seqha; batho bao kaofela e ne e le bahlabani ba bohale.


ya mo hlahlamang e le Amasia, mora Sikri, ya neng a ikgethetse Jehova ka ho rata, a ena le bahale ba dikete tse magkolo a mabedi.


ya mo hlahlamang e le Jehosabade, a ena le ba dikete tse lekgolo le nang le mashome a robileng meno e le mmedi ba hlomeletseng ntwa.


Ho bara ba Benjamine, ha ngolwa ka meloko ya bona, le ka matlo a bona, le ka matlo a bontata bona, mabitso a banna bohle ba ka yang ntweng, ho qala ka ba dilemo tse mashome a mabedi ho isa ho ba fetang moo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ