Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 17:11 - Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Esita le Bafilesta ba bang ba tlisetsa Josafate dinyehelo le ditjhelete tsa lekgetho; le Baarabe ba mo tlisetsa dinku, e le dipheleu tse dikete tse supileng tse nang le makgolo a supileng le diphooko tse dikete tse supileng tse nang le makgolo a supileng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

11 Ba bang ba Bafilesita ba tlisetsa Jehoshafate dimpho, ba mo thella ka silefera. Maarabia a mo thella ka mehlape ya dipheleu tse dikete tse supileng le makgolo a supileng, le diphooko tse dikete tse supileng le makgolo a supileng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 17:11
11 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

A hlola le Bamoabe, a ba lekanya ka kgole a ba robaditse fatshe, a ba lekanya bolelele ba kgole tse pedi tsa ba tshwanetseng ho bolawa, mme ka kgole e le nngwe e shwetseng a lekanya ba tshwanetseng ho phela. Kahoo, Bamoabe ya eba bafo ba Davida, ba mo ntshetsa lekgetho.


Eitse ha Hirame, morena wa Tire, a utlwa hoba Salomone o tlotsitswe ho ba morena tulong tsa ntatae, a romela bahlanka ba hae ho yena; etswe Hirame a ne a ratile Davida le mehla.


Mesha, morena wa Moabe, o ne a ruile mehlape ya dinku; o ne a ntse a ntshetsa morena wa Iseraele lekgetho la dikonyana tse dikete tse lekgolo, le la dipheleu tse dikete tse lekgolo, ka boya ba tsona.


Josafate a ya a ntse a hola, a ba a phahama haholo. A haha diqhobosheane le metse ya mediko naheng ya Juda.


Jehova a tiisa mmuso letsohong la hae. Baiseraele bohle ba tlisetsa Josafate dimpho, mme a atelwa ke leruo le kganya.


Yaba Jehova o tsosetsa Jorame pelo tsa Bafilesta le tsa Baarabe ba ahileng pela Baethiopia.


Haele Baammone, ba ntshetsa Osiase dinyehelo; mme botumo ba hae ba utlwahala ho fihlela moeding wa Egepeta, hobane a ne a iphile matla ka ho fetisisa.


ho sa balwe e tliswang ke bahwebi, kapa ke barekisi ba rekisang ka yona; le marena wohle a Arabia le babusisi ba naha ya hae ba ne ba tlisetsa Salomone kgauta le silefera.


E mong le e mong o ne a tlisa nyehelo ya hae ya dipitsa tsa silefera le ya dipitsa tsa kgauta, le diaparo, le dihlomo, le dinoko, le dipere, le dimulete, ka selemo se seng le se seng.


A ke ke a tsoswa le ka mohla o le mong, batho ba ke ke ba aha teng ho isa mefuteng le mefuta; Baarabe ba ke ke ba hloma ditente tsa bona teng, badisa ba ke ke ba etsa meraka teng.


Baarabia, le marena wohle a Kedare le bona ba ne ba le matleng a hao ho hweba le wena, ba rekisa ka dikonyana, le dipheleu, le diphooko.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ