Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 17:10 - Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Letsoso la Jehova la wela mebuso yohle ya mafatshe a teetseng Juda hare, e tle e se ke ya futuhela Josafate.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

10 Morena a kenya mebuso yohle e potapotileng naha ya Juda letswalo, hoo e sa kang ya lwantsha Jehoshafate.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 17:10
10 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba ba tloha; letsoso la Modimo la eba hodima metse e mabapa le bona, batho ba teng ba se ke ba phallela bara ba Jakobo.


Asa le setjhaba sa hae ba ba phallela ho ya fihla Gerare; mme Baethiopia ba bolawa haholo, ba ba ba sitwa le ho boela ba kopana; etswe ba ne ba qhalwa ke Jehova le ke sera sa hae. Ba hapa kgapo e kgolo haholo;


ba kena metse yohle e teetseng Gerare hare, hobane e ne e wetswe hodimo ke letsoso la Jehova; ba ya le ntho tsohle tse metseng eo, hobane thepa ya teng e ne e le kgolo.


Ruri, mahlo a Jehova a qamaka lefatsheng lohle hore a emele bao pelo tsa bona e leng tsa hae kaofela. O entse ka bothoto; hobane ho qala jwale, o tla nne o hlahelwe ke dintwa.


Letsoso la Modimo la wela mebuso yohle ya mafatshe a kamathoko, ha e utlwa kamoo Jehova a lwantshitseng dira tsa Iseraele kateng.


Hobane ke fela ke tla falatsa ditjhaba pela hao, ke atolose meedi ya hao, mme ha ho motho ya tla lakatsa fatshe la heno, mohla o nyolohang hararo ka selemo, ho ya hlaha pela Jehova, Modimo wa hao.


Jehova ha a kgahlwa ke ho tsamaya ha motho, o boelantsha dira tsa hae le yena.


Di tla nyeka lerole jwaloka noha, jwaloka dihahabi tsa lefatshe; di tla tswa diqhobosheaneng tsa tsona, di tshohile, di balehele ho wena, Jehova, Modimo wa rona, ka thothomelo, mme di tla o tshaba.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ