Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 16:6 - Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Yaba morena Asa o ya le Bajuda kaofela, ba nka majwe le difate tseo Baesha a neng a haha Rama ka tsona, mme ka tsona a haha Geba le Mitspe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

6 Jwale kgosi Asa a romela banna bohle ba Juda; bao ba tla, ba fihla Rama, ba nka majwe le dithupa tseo Basha a neng a haheletsa motse ka tsona, mme ka tsona a haheletsa motse wa Geba le wa Misepa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 16:6
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ntwa ya nna ya eba teng mahareng a Asa le Baesha, morena wa Iseraele, tshiung tsohle tsa bona.


Yaba morena Asa o mema Bajuda bohle, ho se ke ha siuwa le a mong; ba ya, ba nka majwe le difate tseo Baesha a neng a haha Rama ka tsona; morena Asa a haha Geba wa Benjamine le Mitspe ka tsona.


Lelokong la Benjamine, ba newa Geba le mathoko a teng, le Allemethe le mathoko a teng, le Anathothe ka mathoko a teng. Metse yohle ya bona, melokong ya bona, e ne e le metse e leshome le metso e meraro.


Eitse ha Baesha a utlwa tseo, a lesela ho haha Rama, mme a tlohela mosebetsi oo wa hae.


Mohlang oo, Hanani seboni a tla ho Asa, morena wa Juda, a re ho yena: Erekaha u itshetlehile ka morena wa Siria, mme o sa ka wa itshetleha ka Jehova, Modimo wa hao, ka baka leo, makgotla a morena wa Siria a o phonyohetse.


Ba futuhela Bajuda, ba pholletsa ka naha ya bona, mme ba hapa matlotlo wohle ao ba a fumaneng tlung ya morena, le bara ba hae, le basadi ba hae; ha a ka a sallwa ke bara, haese ke Joakase, e monyenyane ho bara ba hae.


O se a fetile ka lekgalo; bosiu o bo hlola Geba; ba Rama ba tshohile, ba Gibea-Saule ba balehile.


Jeremia a ya ho Gedalia, mora Akikame, Mitspe, a dula teng ho yena hara setjhaba se setseng lefatsheng la Juda.


Lefatshe lohle, ho tloha Geba ho isa Rimmone, e leng ka nqa borwa ho Jerusalema, le tla fetoha, le be jwaloka lehwatata; Jerusalema o tla phahama, a dule setsheng sa hae, ho tloha monyakong wa Banjamine, ho isa sebakeng sa monyako wa Pele le monyakong wa Ntlha, le ho tloha toreng ya Hananeele ho isa dihatelong tsa veine tseo e leng tsa morena.


Jwale, Samuele a memela setjhaba Mitspe pela Jehova.


Ka selemo se seng le se seng, o ne a ya le metse ho isa Bethele, le Gilgale, le Mitspe, a ahlolela Baiseraele metseng eo kaofela.


Ba phuthehela Mitspe. Teng, ba ekga metsi, mme ba a tshollela pela Jehova, mme ba itima dijo tsatsing leo, ba re: Re sitetswe Jehova. Mme Samuele a ahlolela bana ba Iseraele Mitspe.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ