Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 16:1 - Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Ka selemo sa mashome a mararo a metso e tsheletseng sa ho busa ha Asa, Baesha, morena wa Iseraele, a futuhela Juda, mme a haha Rama, hore ho tle ho se ke ha eba motho wa Asa, morena wa Juda, ya dumellwang ho tswa le ho kena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

1 Ka selemo sa mashome a mararo a metso e tsheletseng sa puso ya Asa, Basha, kgosi ya Iseraele, a futuhela naha ya Juda, mme a haheletsa motse wa Rama, hore a thibele bohle ba yang kapa ba tswang naheng ya Asa, kgosi ya Juda.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 16:1
9 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

ha setjhaba sena se ka nna sa nyoloha ho ya hlaba mahlabelo tlung ya Jehova, Jerusalema, dipelo tsa setjhaba sena di tla boela ho monga sona, Roboame, morena wa Juda; mme ba tla mpolaya, ba tle ba boele ho Roboame, morena wa Juda.


Ntwa ya nna ya eba siyo ho isa selemong sa mashome a mararo a metso e mehlano sa ho busa ha Asa.


Mehleng eo, ho ne ho se kgotso ho ba yang le ho ba boyang, hobane meferefere e mengata e ne e le teng ho bohle ba ahileng lefatsheng;


Yaba o bokella Bajuda bohle le Babenjamine, le batho ba Efraime, le ba Manasse le ba Simeone ba neng ba jakile ho bona, etswe Baiseraele ba bangata ba ne ba falletse ho yena ha ba bona hoba Jehova, Modimo wa hae, o na le yena.


Yaba Asa o ntsha silefera le kgauta bobolokelong ba ntlo ya Jehova le ba ntlo ya morena, a di romela ho Ben-Hadade, morena wa Siria, ya ahileng Damaseka, a re:


Lentswe le tswang ho Jehova la tla ho Jeremia, hobane Nebusaradane, molaodi wa balebedi, a mo kgutlisa Rama, kamoo a neng a ile le yena kateng, a mo tlamile ka mahlaahlela, a le hara ba tshwerweng kaofela ba Jerusalema le ba Juda ba iswang kgolehong Babilona.


Lemena leo Ishmaele a lahletseng ho lona ditopo kaofela tsa batho bao a ba bolaileng hammoho le Gedalia, ke leo morena Asa a neng a le entse ka ho tshaba Baesha, morena wa Iseraele; ke lona lemena leo Ishmaele a kileng a le tlatsa ditopo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ