Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 15:9 - Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Yaba o bokella Bajuda bohle le Babenjamine, le batho ba Efraime, le ba Manasse le ba Simeone ba neng ba jakile ho bona, etswe Baiseraele ba bangata ba ne ba falletse ho yena ha ba bona hoba Jehova, Modimo wa hae, o na le yena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

9 A kgobokanya bohle ba morabe wa Juda le ba morabe wa Benjamine, le bajaki ba neng ba etswa naheng ya ba morabe wa Efraime, le ya ba morabe wa Manase, le ya ba morabe wa Simeone. E ne e ile yare ha ba bona hore Morena Modimo wa hae, o na le yena, ba fallela ho yena ka bongata, ba etswa naheng ya Iseraele.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 15:9
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ba re: Ke kahobane re bona kannete hoba Jehova o na le wena, mme re re: Kano e ke e be teng pakeng tsa rona le wena, re hlabe selekane le wena,


Monga hae a bona hoba Jehova o na le yena, le hoba tsohle tseo a di etsang Jehova o mo atlisetsa tsona letsohong la hae.


Baiseraele ba kwenehela ntlo ya Davida jwalo, ho fihlela la kajeno.


Baiseraele bohle, ha ba utlwa kahlolo eo morena a ahlotseng ka yona, ba tshaba morena, ba bona hobane kelello ya Modimo e ho yena, hore a tsebe ho ahlola.


Ho Bamanasse, ba bang ba theohela ho Davida, mohla a futuhelang Saule, a ena le Bafilesta; empa ha ba ka ba ba tlatsa; eitse hobane marena a Bafilesta a eletsane, a mo kgutlisa, a re: A ka fetela ho Saule, hlooho tsa rona tsa kena tsietsing.


Ba latelwa ke ba meloko yohle ya Iseraele ba batlang Jehova, Modimo wa Iseraele, ka pelo yohle ya bona, ba bileng ba tla Jerusalema ho hlabela Jehova, Modimo wa bontata bona.


Ba phuthehela Jerusalema ka kgwedi ya boraro ya selemo sa leshome le metso e mehlano sa ho busa ha Asa.


Josafate a dula Jerusalema; a boela a tswa, a ya le setjhaba, ho tloha Beerseba ho ya kgutla thabeng ya Efraime, mme a sokollela batho ho Jehova, Modimo wa bontata bona.


Phutheho yohle ya Juda, le baprista, le Balevi, ba thaba hammoho le phutheho yohle ya Baiseraele ba tlileng le baditjhaba ba tlileng ba etswa naheng ya Iseraele, le ba neng ba ahile Juda.


Haele wena, mora motho, o inkele sefate, o ngole ho sona lengolo le reng: Sa Juda le sa bana ba Iseraele ba kopaneng le yena. O boele o nke sefate se seng, o ngole ho sona lengolo le reng: Sa Josefa: sefate sa Efraime le sa bohle ba ntlo ya Iseraele ba kopaneng le yena.


Jwale, dikereke di ne di dutse ka kgotso kahohle Judea, le Galelea, le Samaria; di ne di hahiswa, di tsamaya ka tshabo ya Morena; mme di ne di anafala ka tshediso ya Moya o Halalelang.


Kahoo, Saule a bona, a tseba hobane Jehova o na le Davida; mme Mikale, moradi wa Saule, a mo rata.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ