Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 15:8 - Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Eitse ha Asa a utlwa mantswe ao le boporofeta ba Odede moporofeta, a ipha matla, a fedisa manyala lefatsheng lohle la Juda le la Benjamine, le metseng eo a neng a e nkile thabeng ya Efraime, mme a tsosa aletare ya Jehova e pela mathule a Jehova.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

8 Ha Asa a utlwa mantswe ana, le boporofeta bona ba moporofeta Odede, a tsoha molota. Naheng yohle ya ba morabe wa Juda le wa Benjamine, le metseng yohle eo a neng a e hapile naheng ya Efraime e maralla, Asa a fedisa medimo ya bohata eo e neng e le manyala; a ntjhafatsa le aletare ya Morena e neng e le lethuleng la Tempele ya Morena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 15:8
24 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Salomone a latela Ashtarothe, modimo wa Basidone, le Milkome, manyala a Baamone.


Salomone a hahela le Kemoshe, manyala a Bamoabe, nqalo e phahameng, leralleng le pela Jerusalema, a hahela le Moloke, manyala a bana ba Ammone.


Asa a qala ho busa Juda ka selemo sa mashome a mabedi sa ho busa ha Jeroboame, morena wa Iseraele.


Le aletare ya koporo e pela Jehova, a e tlosa pela ntlo tulong tsa yona, dipakeng tsa aletare le ntlo ya Jehova, a e bea nqa leboya ho aletare.


Leha le re ho nna, le tshepile Jehova, Modimo wa lona, hleka hase yena eo Esekiase a tlositseng nqalo tsa hae tse diphahameng le dialetare tsa hae, a re ho Juda le ho Jerusalema: Le tla kgumama pela aletare ena feela e Jerusalema?


Le nqalong tse diphahameng tse pela Jerusalema, ka ho le letona ho thaba ya Tahleho, tseo Salomone, morena wa Iseraele, a neng a di hahetse Ashtarothe, manyala a Basidone, le Kemoshe, manyala a Moabe, le Milkome, mayala a bana ba Ammone, tsa silafatswa ke morena.


Abija a phallela Jeroboame, mme a mo amoha metse e meng, e le Bethele le metsana ya teng, le Jeshana le metsana ya teng, le Efrone le metsana ya teng.


a isa makgotla metseng yohle ya Juda ya diqhobosheane, mme a bea bahlabani naheng ya Juda le metseng ya Efraime e neng e hapilwe ke Asa ntatae.


Bonang, Amaria, moprista e moholo, e tla ba yena hlooho ya lona tabeng tsohle tsa Jehova; Sebadia, mora Ishmaele, hlooho ya ntlo ya Juda, yena e tla ba hlooho ya lona ditabeng tsohle tsa morena; hape Balevi e tla ba bahlahlobi pela lona. Ipheng matla, le etse, mme Jehova a be le motho ya etsang hantle.


Josafate a dula Jerusalema; a boela a tswa, a ya le setjhaba, ho tloha Beerseba ho ya kgutla thabeng ya Efraime, mme a sokollela batho ho Jehova, Modimo wa bontata bona.


Ba ntoo ya ho morena Esekiase, ba re: Re hlwekisitse ntlo yohle ya Jehova, le aletare ya ditjheso le mesebetsi yohle ya yona, le tafole ya Mahobe a pontsha le mesebetsi yohle ya yona.


Yaba o etsa aletare ya koporo; bolelele ba yona e ne e le ditswe tse mashome a mabedi, bophara e le ditswe tse mashome a mabedi, bophahamo e le ditswe tse leshome.


Salomone a ntoo hlabela Jehova ditjheso aletareng ya Jehova e hahilweng pela mathule;


E mong a ithemele dikedare, a nke le kiprese le eike, tseo a di kgethang hara difate tsa moru; a jale pine, mme e mediswe ke pula.


ba dulang mabitleng, mme ba hlola bosiu mahaheng, ba jang nama ya dikolobe; ba tlatsang mekeke ya bona ka dijo tse manyala;


Pele, ke tla ba lefetsa bokgopo ba bona le sebe sa bona habedi, hobane ba hlile ba silafaditse lefatshe la ka, ba tlatsitse lefa la ka ka ditopo tsa mahlabelo a bona a ditshila le a manyala.


Yaba ke a kena; eitse ha ke tadima, ka bona ditshwantsho tse ngata tsa dihahabi le tsa diphoofolo tse ilwang, le ditshwantsho tsohle tsa ntlo ya Iseraele di tshwantshitswe lerakong, ho le pota ka nqa tsohle.


Le boloke melao ya ka, mme le se ke la etsa leha o le mong wa mekgwa e manyala e neng e etswa le eso ho kene, mme le se ke la itshela ditshila ka yona. Ke nna Jehova, Modimo wa lona.


Ya nkileng ditalenta tse hlano a phakisa a ya, a hweba ka tsona, a rua ditalenta tse ding tse hlano.


Le teng, baena ha ba utlwa taba tsa rona, ba tla re kgahlanyetsa Lepatlelong la Apiuse le moo ho thweng ke Matlung a phapohelo a mararo; yare ha Pauluse a ba bona, a leboha Modimo, a beta pelo.


Ho rohakwe motho ya etsang setshwantsho se betlilweng, kapa se tsholotsweng, e leng ntho e manyala ho Jehova, mosebetsi wa matsoho a sebetli, mme a se bea nqalong e itseng e sephiri! Mme setjhaba sohle se tla dumela, se re: Amen!


Hobane di lekane dinako tse fetileng tseo re di phetseng re ntse re etsa ho ratwang ke bahetene, ha re ne re itsamaela ka bootswa, le ka ditakatso, le ka botahwa, le ka meharo ya dijo le ya dino, le ka tshebeletso e manyala ya medimo ya bohata.


Yaba ba lahla medimo esele e hara bona, mme ba sebeletsa Jehova; Jehova a utlwela Baiseraele bohloko ka baka la tsietsi ya bona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ