Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 15:6 - Sesotho 1909/1961 (SO)

6 mme setjhaba se seng se ne se thulana le setjhaba se seng, motse o mong o thulane le motse o mong; hobane Modimo o ne o ba ferekanya ka mahlomola a mangata a mefuta.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

6 Ditjhaba tsa timetsana, le metse ya timetsana, hobane Modimo o ne a ba tliseditse ditsietsi tsohle.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 15:6
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Haele ditaba tsa Roboame, tsa ho qala le tsa ho qetella, ha ke re, di ngodilwe dibukeng tsa Shemaia moporofeta le tsa Iddo seboni, dibukeng tsa meloko? Ntwa ya nna ya eba teng mahareng a Roboame le Jeroboame tshiung tsohle tsa bona.


Abija le batho ba hae ba ba bolaya jwalo ka polao e kgolo, ha ba ha wa ho Baiseraele batho ba kgethilweng ba dikete tse makgolo a mahlano.


Yaba Jehova o ba tlisetsa balaodi ba makgotla a morena wa Assiria; ba tshwara Manasse ka dikgoketsane, ba mo tlama ka mahlaahlela a koporo, mme ba mo isa Babilona.


Jehova a laela hore morena wa Bakalde a ba futuhela; a bolaya bahlanka ba bona ka lerumo, ka tlung ya sehalalelo sa bona, mme ha a ka a qenehela mohlankana, leha e le morwetsana, kapa leqheku, kapa motho ya moriri o moputswa; a ba neela matsohong a hae kaofela ha bona.


a ba neela matsohong a ditjhaba; ba ba hloileng ba ba busa;


Ke mo rometse ho lwantsha setjhaba se kgopo, ke mo laetse ho ya lwantsha setjhaba seo ke se halefetseng, a tle a hape dintho tsa sona, a rue letlotlo, a se hatakele jwaloka diretse tsa mmila.


Ke tla tsosa Moegepeta, a lwantshe Moegepeta, ba tle be lwantshane, motho a lwane le wa habo, motswalle le motswalle, motse le motse, mmuso le mmuso.


Ho itswe ke Jehova wa makgotla: Bonang, bobe bo ya tswa setjhabeng se seng, bo ye setjhabeng se seng, lerole le tshabehang le ya tsoha dikgutlelong tsa lefatshe.


Terompeta ha e letswa motseng, na batho ha ba tshohe kaofela na? Na tlokotsi e ka hlaha motseng, e sa hlahiswe ke Jehova?


ke timeletse matla a mebuso ya ditjhaba, ke dihe makoloi le ba tsamayang ho wona; dipere le bapalami ba tsona ba tla wa e mong le e mong ka lerumo la wa habo.


Hobane setjhaba se seng se tla tsohela setjhaba se seng matla, mmuso o mong o lwantshe mmuso o mong; ditlala di tla ba teng, le mafu a akaretsang, le ditshisinyeho tsa lefatshe ka nqa tse ngata.


Hobane setjhaba se seng se tla tsohela setjhaba se seng matla, mmuso o mong o lwantshe mmuso o mong; ditshisinyeho tsa lefatshe di tla ba teng ka nqa tse ngata, le ditlala di tla ba teng le meferefere.


Kgalefo ya Jehova ya tukela Baiseraele, mme a ba neela matsohong a disenyi tse ba senyang, mme a ba rekisetsa matsohong a dira tsa bona tse ba teetseng hare, ba ba ba sitwa ho tiya pela dira tsa bona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ