Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 15:17 - Sesotho 1909/1961 (SO)

17 Empa dinqalo tse diphahameng ha di a ka tsa tloswa Iseraeleng; leha ho le jwalo, pelo ya Asa ya eba ya Jehova kaofela ha yona ka ditshiu tsohle tsa ho phela ha hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

17 Le hoja Asa a sa ka a fedisa dibaka tseo ho rapellwang medimo ya bohata ho tsona, naheng ya Iseraele, empa o nnile a tshepahala ka pelo ya hae yohle, ka nako yohle ya ho phela ha hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 15:17
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Salomone, hobane a tsofale, basadi bao ba hae ba kgelosetsa pelo ya hae medimong esele, mme pelo ya hae ha e a ka ya hlola e eba ya Jehova, Modimo wa hae, kaofela ha yona, jwaloka pelo ya ntatae Davida.


A tsamaya ka mehlala yohle ya ntatae Asa, a se ke a e kgeloha, a etsa tse lokileng mahlong a Jehova.


empa dinqalo tse diphahameng ha a ka a di tlosa; setjhaba sa nna sa hlaba, sa tjhesa dibano dinqalong tse diphahameng.


Feela, nqalo tse diphahameng ha di a ka tsa tloswa; setjhaba sa nna sa hlaba, sa tjhesa dibano nqalong tse diphahameng.


Esita le Maaka, mmae, morena Asa a mo ntsha sefumahading, kahobane a entse setshwantsho sa Ashtarothe; Asa a heletsa setshwantsho sa hae, a se sila phofo, mme a se tjhese molatswaneng wa Kedrone.


A tlisa ka tlung ya Modimo dintho tseo ntatae a neng a di kgethetse Jehova, le tseo a neng a di kgethile e le yena, e le silefera, le kgauta, le dipitsa.


Pelo ya hae ya hola tsebong ya ditsela tsa Jehova, mme a hla a tlosa dinqalo tse diphahameng le diashera hara Juda.


A nna a tsamaya ka mehlala ya Asa ntatae, a se ke a e kgeloha, a nna a etsa tse lokileng pela mahlo a Jehova.


Feela, dinqalo tse diphahameng ha di a ka tsa tloswa, hobane setjhaba se ne se eso ho sekamise dipelo tsa sona ho batla Modimo wa bontata sona.


Hape, a nna a hlaba mahlabelo, a tjhesa le dibano dinqalong tse diphahameng, le maralleng, le tlasa difate tsohle tse tala.


Leha ho le jwalo, setjhaba sa nna sa hlaba mahlabelo dinqalong tse diphahameng; empa ba ne ba re, ba hlabela Jehova, Modimo wa bona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ