Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 15:16 - Sesotho 1909/1961 (SO)

16 Esita le Maaka, mmae, morena Asa a mo ntsha sefumahading, kahobane a entse setshwantsho sa Ashtarothe; Asa a heletsa setshwantsho sa hae, a se sila phofo, mme a se tjhese molatswaneng wa Kedrone.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

16 Kgosi Asa a tlosa Maaka, nkgonwae, setulong sa bofumahadi, hobane o ne a ile a etsa setshwantsho se nyonyehang sa Ashera. Asa a robaka modimo oo wa nkgonwae, a o thua, a o tjhesetsa ka molatswaneng wa Kiderone.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 15:16
26 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

A busa ka dilemo tse mashome a mane a motso o mong Jerusalema; lebitso la mmae e ne e le Maaka, moradi wa Absalome.


a busa ka dilemo tse tharo Jerusalema; lebitso la mmae e ne e le Maaka, moradi wa Absalome.


Haele dialetare tse kahodima ntlo e kahodimo ya Akase, tse entsweng ke marena a Juda, le dialetare tse entsweng ke Manasse mabaleng a mabedi a ntlo ya Jehova, morena a di qhaqha, a di qhebolla, mme a lahlela lerole la tsona molatswaneng wa Kedrone.


Le aletare e Bethele le nqalo e phahameng e neng e entswe ke Jeroboame, mora Nebathe, ya sebisitseng Iseraele, ke re, aletare eo le nqalo e phahameng ya teng, a di qhaqha, a tjhesa nqalo e phahameng, a e tula ya eba lerole; a ntoo tjhesa le ashera ya teng.


Morena a laela Hilkia, moprista e moholo, le baprista ba mo hlahlamang, le balebedi ba monyako, a re, ba phahle tempeleng ya Jehova mesebetsi yohle e etseditsweng Baale, le Ashtarothe, le makgotla wohle a lehodimo; a e tjhesa kantle ho Jerusalema, masimong a pela Kedrone, mme melora ya yona ya iswa Bethele.


A ntsha setshwantsho sa Ashtarothe tlung ya Jehova, a se ntshetsa kantle ho Jerusalema, molatswaneng wa Kedrone, a se tjhesa molatswaneng wa Kedrone, a se tula ya eba lerole, mme a akgela lerole la sona mabitleng a bana ba setjhaba.


Empa dinqalo tse diphahameng ha di a ka tsa tloswa Iseraeleng; leha ho le jwalo, pelo ya Asa ya eba ya Jehova kaofela ha yona ka ditshiu tsohle tsa ho phela ha hae.


Baprista ba kena kahare ho ntlo ya Jehova ho e hlwekisa; ba lahlela ntle, lebaleng la ntlo ya Jehova, ditshila tsohle tseo ba di fumaneng tempeleng ya Jehova, mme Balevi ba di nka ho di isa kantle, molatswaneng wa Kedrone.


Ba tloha, ba tlosa dialetare tsa mahlabelo tse Jerusalema, ba tlosa le dialetare tsa dibano, mme ba di lahlela molatswaneng wa Kedrone.


a qhaqha dialetare, a pshatla diashera le ditshwantsho tse betlilweng, mme a di etsa phofo; hape, a heletsa ditshiya tsohle tsa letsatsi lefatsheng lohle la Iseraele; a ntoo kgutlela Jerusalema.


A nka namane e entsweng ke bona, a e tjhesa mollong, a ba a e tula phofo e tshesane haholo, a e akgela metsing, a e nosa bana ba Iseraele.


Le mpe le qhaqhe dialetare tsa bona, le robake ditshwantsho tsa bona, le tlose diashera tsa bona;


Ke tla senya nqalo tsa lona tse diphahameng; ke tla diha ditshiya tsa lona tsa letsatsi, ke felahanye ditopo tsa lona hodima medimo ya lona ya ditshwantsho, mme moya wa ka o tla be o tenwe ke lona.


Ha ho ka ba e mong ya sa ntseng a porofeta, ntatae le mmae ba mo tswetseng ba tla re ho yena: O ke ke wa phela, hobane o boletse leshano ka lebitso la Jehova! Mme ntatae le mmae ba mo tswetseng ba tla mo hlaba, ka baka la ho porofeta ha hae.


Bahabo ha ba utlwa hoo, ba tswela ho ya mo tshwara; hobane ba ne ba re: Ha a sa ikutlwa.


Eitse hobane Jesu a bolele taba tseo, a tswa le barutuwa ba hae, a ya mose wane wa molatswana wa Kedrone, moo tshimo e neng e le teng; mme a kena teng le barutuwa ba hae.


Ka baka leo, le jwale ha re sa tseba motho ka nama; esita le yena Kreste, ha ekaba re mo tsebile ka nama, jwale ha re sa mo tseba ka mokgwa oo.


ya itseng bakeng sa ntatae le mmae: Ha ke a ka ka ba bona; mme ha ba tsebe banababo, leha e le bana ba hae ha a ba tsebe; hobane ba tiisitse lentswe la hao, mme ba bolokile selekane sa hao.


Empa seo le tshwanetseng ho ba etsa sona, ke sena: Le qhaqhe dialetare tsa bona, le bolaye ditshiya tsa bona, le reme diashera tsa bona, le tjhese ditshwantsho tsa bona tse betlilweng.


Yaba ke nka sebe sa lona, namane eo le e entseng; ka e besa, ka e tula, ka e sila, ka e etsa phofo, mme ka akgela phofo ya yona molapong o theohang thabeng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ