Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 15:14 - Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Ba itlama ka kano ho Jehova ka mantswe a tlerolang le ka ditlatse, ka diterompeta le ka diphala.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

14 Ba hlapanyetsa Morena ka ditlatse tse kgolo, le ka mehoo, le ka diterompeta, le ka manaka.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 15:14
9 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

ha thwe: Mang le mang ya sa batleng Jehova, Modimo wa Iseraele, o tla bolawa, e monyenyane kapa e moholo, mosadi kapa monna.


Bajuda kaofela ba thabela kano eo, hobane ba ne ba itlamile ka kano eo ka dipelo tsohle tsa bona, mme ba ne ba batlile Modimo ka takatso e tletseng ya bona; wa ba wa fumanwa ke bona; mme Jehova a ba nea phomolo ka nqa tsohle.


ba ikopanya le banababo bona, mahosana, mme ba kena le bona hlapanyong le kanong, ba re, ba tla tsamaya molaong wa Modimo oo ba o neilweng ka Moshe, mohlanka wa Modimo, mme ba tla boloka ditaelo tsohle tsa Jehova, Morena wa rona, le dikahlolo tsa hae, le melao ya hae, mme ba tla ya ka tsona;


Ka udubatsa le sefuba sa seaparo sa ka, ka re: Modimo o ke o udubatse jwalo tlung ya hae le mosebetsing wa hae motho ka mong ya ke keng a phetha polelo ena; a fele a udubatswe jwalo, mme a tshollwe. Yaba phutheho kaofela e re: Ho be jwalo! Ba rorisa Jehova, mme setjhaba sa etsa ka polelo eo.


Ka moletso wa diterompeta le wa diphala, tshelang ditlatse tsa thabo ya lona pela Morena, pela Jehova!


Yaba Moshe o ya, a phetela setjhaba mantswe wohle a Jehova le ditaelo tsohle tsa hae, mme setjhaba sa araba ka ntswe le le leng, sa re: Taba tsohle tse boletsweng ke Jehova re tla di etsa.


A ba a nka buka ya selekane, a e balla setjhaba; mme ba re: Tseo tsohle Jehova a di boletseng, re tla di etsa le ho di utlwa.


Ebile setjhaba se re ho Joshua: Jehova, Modimo wa rona, ke yena eo re tla mo sebeletsa, re utlwe lentswe la hae.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ