Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 15:12 - Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Ba itlama pela Jehova ka selekane sa hore ba tla batla Jehova, Modimo wa bontata bona, ka pelo yohle le ka moya wohle;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

12 Ba etsa selekane sa hore ba tla sebeletsa Morena Modimo wa bo-ntata bona, ka dipelo tsohle tsa bona, le ka moya wohle wa bona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 15:12
22 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

ha ba ka sokolohela ho wena ka pelo yohle le ka moya wohle, ba le naheng ya dira tse ba isitseng kgolehong, mme ba o rapela ba tadimile nqa lefatsheng la habo leo o neng o le neile bontata bona, le nqa motseng ona oo o o kgethileng, le tlung ena eo ke e hahetseng lebitso la hao;


Jwale, Jehojada a hlaba selekane mahareng a Jehova le morena le setjhaba, hore e fele e be setjhaba sa Jehova, le selekane mahareng a morena le setjhaba.


Yena morena a ema pela tshiya, a hlaba selekane pela Jehova, sa ho latela Jehova, le sa ho boloka ditaelo tsa hae, le dikahlolo tsa hae, le melao ya hae, ka pelo yohle le ka moya wohle, le sa ho etsa le ka taba tsa selekane tse ngodilweng bukeng eo. Le sona setjhaba sohle sa emela selekane seo.


Ba latelwa ke ba meloko yohle ya Iseraele ba batlang Jehova, Modimo wa Iseraele, ka pelo yohle ya bona, ba bileng ba tla Jerusalema ho hlabela Jehova, Modimo wa bontata bona.


enereha ba le tsietsing, ba ne ba sokolohela ho Jehova, Modimo wa Iseraele, ba ne ba mmatla, mme o ne a fumanwa ke bona.


Leha ho le jwalo, ho kile ha fumanwa ntho tse ntle ho wena, tsa kamoo o fedisitseng diashera kateng lefatsheng, le kamoo o sekamisitseng pelo ya hao kateng hore e batle Modimo.


Jwale, Jehojada a hlaba selekane mahareng a hae le setjhaba le morena, hore e fela e be setjhaba sa Jehova.


Jwale, ke na le pelo ya ho hlaba selekane le Jehova, Modimo wa Iseraele, hore bohale ba kgalefo ya hae bo ke bo re kgelohe.


ba ikopanya le banababo bona, mahosana, mme ba kena le bona hlapanyong le kanong, ba re, ba tla tsamaya molaong wa Modimo oo ba o neilweng ka Moshe, mohlanka wa Modimo, mme ba tla boloka ditaelo tsohle tsa Jehova, Morena wa rona, le dikahlolo tsa hae, le melao ya hae, mme ba tla ya ka tsona;


Taba ha di le jwalo, ra etsa tumellano, ra e ngola, mme ya tiiswa ka tiiso ya dihlooho tsa rona, le ya Balevi ba rona, le ya baprista ba rona.


Ba tla botsa tsela ya Sione, difahleho tsa bona ba di lebisitse teng, ba re: Tloong, le kgomarele Jehova ka selekane se sa feleng, se se nang ho lebalwa.


Seo nka ipolelang ho wena ka sona, ke sena: Haele thuto eo ba reng ke thuto e kgelohileng, ke fela ke sebeletsa Modimo wa bontate ka yona, ke ntse ke dumela ditaba tsohle tsa molao le tse ngodilweng baporofeteng.


Mme ha ba ka ba etsa feela kamoo re neng re lebeletse kateng, empa ba qadile ka ho ineela Morena le rona, ka thato ya Modimo.


Mme jwale, Iseraele, Jehova, Modimo wa hao, o batlang ho wena, haese hore o tshabe Jehova, Modimo wa hao, o tsamaye tseleng tsa hae tsohle, o mo rate, mme o sebeletse Jehova, Modimo wa hao, ka pelo ya hao yohle, le ka moya wa hao wohle,


Dipolelo tsa selekane seo Jehova a laetseng Moshe ho se etsa le bana ba Iseraele, naheng ya Moabe, kantle ho selekane seo a neng a se entse le bona Horebe, ke tsena:


le bana ba lona, le basadi ba lona, le moditjhaba ya leng ho wena diahelong tsa hao, ho qala ka ya o rathelang patsi, ho isa ho ya o kgellang metsi;


o eme hore o tle o kene selekaneng sa Jehova, Modimo wa hao, mme o itlame ka kano ya hao, eo Jehova, Modimo wa hao, a e etsang le wena kajeno;


Teng, le tla batla Jehova, Modimo wa hao, mme o tla mo fumana, ha o ka mmatla ka pelo ya hao yohle le ka moya wa hao wohle.


Rata Jehova, Modimo wa hao, ka pelo ya hao yohle, le ka moya wa hao wohle, le ka matla a hao wohle.


Yaba Joshua o tlabola selekane le setjhaba, a se beela molao le taelo Sikeme.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ