2 Dikronike 15:10 - Sesotho 1909/1961 (SO)10 Ba phuthehela Jerusalema ka kgwedi ya boraro ya selemo sa leshome le metso e mehlano sa ho busa ha Asa. အခန်းကိုကြည့်ပါ။BIBELE10 Ka kgwedi ya boraro ya selemo sa leshome le metso e mehlano sa puso ya Asa, ba kgobokanela ho yena, Jerusalema. အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
Yaba bangodi ba morena ba bitswa ka yona nako eo, le leng ka la mashome a mabedi a metso e meraro la kgwedi ya boraro, e leng kgwedi ya Sifane; ha ngolwa kahohle kamoo Mordekai a laelang kateng; ha ngollwa Bajuda le matona a marena, le babusisi le dihlooho tsa dinaha, ho tloha India ho isa Ethiopia, e leng dinaha tse lekgolo le nang le mashome a mabedi a metso e supileng, ha ngollwa naha e nngwe le e nngwe ka mongolo wa yona, le setjhaba se seng le se seng ka puo ya sona, le Bajuda ka mongolo le ka puo ya bona.