2 Dikronike 14:8 - Sesotho 1909/1961 (SO)8 Asa o ne a na le sera sa batho ba dikete tse makgolo a mararo a Bajuda, ba hlometseng thebe e kgolo le lerumo, le se seng sa batho ba dikete tse makgolo a mabedi a mashome a robileng meno e le mmedi a Babenjamine, ba hlometseng thejana, ba fulang le ka seqha; batho bao kaofela e ne e le bahlabani ba bohale. အခန်းကိုကြည့်ပါ။BIBELE8 Asa o ne a ena le lebotho la bahlabani ba dikete tse makgolo a mararo, ba tswang naheng ya Juda, ba neng ba hlometse ka dithebe le marumo, le ba dikete tse makgolo a robedi, ba tswang naheng ya Benjamine, ba neng ba hlometse ka dithebe le diqha. Bahlabani bana kaofela e ne e le bahale. အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
Amatsia a phutha Bajuda, mme a ba lokisa ka matlo a bontata bona, a bea balaodi ba dikete le balaodi ba makgolo hodima Juda le Benjamine kaofela; a bala palo ya ba nang le dilemo tse mashome a mabedi le ba kapele, mme a fihlela banna ba kgethilweng ba dikete tse makgolo a mararo, ba loketseng ntwa, ba tshwereng lerumo le thebe.