Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 14:3 - Sesotho 1909/1961 (SO)

3 A qhaqholla dialetare tsa medimo esele le dinqalo tse diphahameng; a bolaya ditshwantsho, mme a heletsa diashere;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

3 A heletsa dialetare tsa medimo ya bohata, a fedisa dibaka tseo ho rapellwang medimo ya bohata ho tsona, a pshatla le difika tseo ba di kgumamelang, a thua le ditshwantsho tsa Ashera.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 14:3
17 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ke tswe ke mo tseba hoba, o tla laela bana ba hae, le ntlo ya hae kamora hae, hore ba boloke tsela ya Jehova, ba etse ka ho loka le ka tshwanelo, Jehova a be a hlahisetse Abrahama seo a mmaletseng sona.


A tlosa dinqalo tse diphahameng, a robaka ditshwantsho, a poma diashera, a robaka le noha ya koporo e entsweng ke Moshe, kahobane ho fihlela mehleng eo, bana ba Iseraele ba ne ba ntse ba e tjhesetsa dibano; a e rea Nehushtane (ntho ya koporo).


A robaka ditshwantsho, a poma le diashera, mme tulo tsa tsona a di tlatsa ka masapo a batho.


A ntsha setshwantsho sa Ashtarothe tlung ya Jehova, a se ntshetsa kantle ho Jerusalema, molatswaneng wa Kedrone, a se tjhesa molatswaneng wa Kedrone, a se tula ya eba lerole, mme a akgela lerole la sona mabitleng a bana ba setjhaba.


Asa a etsa ho molemo, ho lokileng pela Jehova, Modimo wa hae.


a ba a laela Bajuda hore ba batle Jehova, Modimo wa bontata bona, le hore ba etse ka molao le ka ditaelo;


Empa dinqalo tse diphahameng ha di a ka tsa tloswa Iseraeleng; leha ho le jwalo, pelo ya Asa ya eba ya Jehova kaofela ha yona ka ditshiu tsohle tsa ho phela ha hae.


A tsosa aletare ya Jehova, a hlabela mahlabelo a teboho le a poko ho yona, mme a laela Bajuda hore ba sebeletse Jehova, Modimo wa Iseraele.


Ha qhaqhwa pela hae dialetare tsa boBaale; a heletsa ditshiya tsa letsatsi tse neng di beilwe hodima tsona; a robaka diashera, le ditshwantsho tse betlilweng, le ditshwantsho tse tsholotsweng; a di sila phofo, mme a e tshollela mabitleng a ba neng ba di hlabetse mahlabelo.


Le mpe le qhaqhe dialetare tsa bona, le robake ditshwantsho tsa bona, le tlose diashera tsa bona;


Ke tla senya nqalo tsa lona tse diphahameng; ke tla diha ditshiya tsa lona tsa letsatsi, ke felahanye ditopo tsa lona hodima medimo ya lona ya ditshwantsho, mme moya wa ka o tla be o tenwe ke lona.


Le tla tjhesa ditshwantsho tse betlilweng tsa medimo ya bona; o se ke wa lakatsa, mme o se ke wa inkela silefera, leha e le kgauta tse ho tsona, esere hoo ya eba sefi ho wena; hobane ke manyala pela Jehova, Modimo wa hao.


Empa seo le tshwanetseng ho ba etsa sona, ke sena: Le qhaqhe dialetare tsa bona, le bolaye ditshiya tsa bona, le reme diashera tsa bona, le tjhese ditshwantsho tsa bona tse betlilweng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ