Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 14:2 - Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Asa a etsa ho molemo, ho lokileng pela Jehova, Modimo wa hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

2 Asa a etsa tse molemo le tse lokileng mahlong a Morena Modimo wa hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 14:2
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Asa a etsa tse lokileng mahlong a Jehova, jwaloka ntatae Davida.


A leleka Basodoma naheng, a tlosa ditshwantsho tsohle tse entsweng ke bontatae.


Haele nqalo tse diphahameng, ha a ka a di tlosa; leha ho le jwalo, pelo ya Asa ya nna ya kgomarela Jehova hantle tshiung tsohle tsa ho phela ha hae.


Abija a orohela ho bontatae, a patwa motseng wa Davida, mme tulong tsa hae ha busa Asa, mora wa hae. Mehleng ya hae, ntwa ya lala lefatsheng ka dilemo tse leshome.


A qhaqholla dialetare tsa medimo esele le dinqalo tse diphahameng; a bolaya ditshwantsho, mme a heletsa diashere;


Esita le Maaka, mmae, morena Asa a mo ntsha sefumahading, kahobane a entse setshwantsho sa Ashtarothe; Asa a heletsa setshwantsho sa hae, a se sila phofo, mme a se tjhese molatswaneng wa Kedrone.


Pelo ya hae ya hola tsebong ya ditsela tsa Jehova, mme a hla a tlosa dinqalo tse diphahameng le diashera hara Juda.


A nna a tsamaya ka mehlala ya Asa ntatae, a se ke a e kgeloha, a nna a etsa tse lokileng pela mahlo a Jehova.


Yaba o fihlelwa ke lengolo la Elia moporofeta, le reng: Ho itswe ke Jehova, Modimo wa Davida ntatao: Erekaha o sa ka wa tsamaya ka mehlala ya Josafate ntatao, le ka mehlala ya Asa, morena wa Juda,


Eitse hobane tseo kaofela di fele, Baiseraele bohle ba neng ba le teng ba tloha, ba ya metseng ya Juda; ba robaka ditshwantso, ba heletsa diashera, ba qhaqha dinqalo tse diphahameng, le dialetare naheng yohle ya Juda le ya Benjamine, le ya Efraime le Manasse, ba ba ba qetedisisa; bana ba Iseraele ba ntoo kgutlela metseng ya bona, e mong le e mong ha hae.


Esekiase a etsa jwalo naheng yohle ya Juda, a nna a etsa ho leng molemo le ho loka le nnete pela Jehova, Modimo wa hae.


a qhaqha dialetare, a pshatla diashera le ditshwantsho tse betlilweng, mme a di etsa phofo; hape, a heletsa ditshiya tsohle tsa letsatsi lefatsheng lohle la Iseraele; a ntoo kgutlela Jerusalema.


o se ke wa ba wa kgumamela medimo ya bona, mme o se ke wa e sebeletsa, leha e le ho ya ka diketso tsa yona, o mpe o e fedisetse ruri, mme o robakisise ditshwantsho tsa yona.


kgalalelong le ho lokeng, pontsheng ho yena, ka matsatsi wohle a ho phela ha rona.


Le qhaqhe dialetare tsa tsona, le bolaye ditshiya tsa tsona, le tjhese diashera tsa tsona, le heletse ditshwantsho tse betlilweng tsa medimo ya tsona, mme le hlakole mabitso a tsona nqalong tseo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ