Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 14:14 - Sesotho 1909/1961 (SO)

14 ba kena metse yohle e teetseng Gerare hare, hobane e ne e wetswe hodimo ke letsoso la Jehova; ba ya le ntho tsohle tse metseng eo, hobane thepa ya teng e ne e le kgolo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

14 Ba timetsa metse yohle e potapotileng Gerare, hobane Morena o ne a ile a kenya baahi ba yona letswalo. Ba hapa dintho tsohle metseng eo, etswe metse eo e ne e ena le dintho tse ngata.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 14:14
20 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba ba tloha; letsoso la Modimo la eba hodima metse e mabapa le bona, batho ba teng ba se ke ba phallela bara ba Jakobo.


Haele taba tse ding tsa Asa, le matla a hae, le tsohle tse entsweng ke yena, le metse eo a e hahileng, ha ke re, di ngodilwe bukeng ya ditaba tsa ho phela ha marena a Juda? Boqhekung ba hae, a jewa ke maoto.


Setjhaba sa tswa, sa phahla diahelo tsa Basiria. Ya eba moo tekanyo e le nngwe ya phofo e ntle e rekang shekele e le nngwe, le tekanyo tse pedi tsa harese di rekang shekele, jwalokaha Jehova a ne a boletse.


Hape, ba kena le masakeng a mehlape, ba hapa manku a mangata le dikamele; ba ntoo kgutlela Jerusalema.


Letsoso la Jehova la wela mebuso yohle ya mafatshe a teetseng Juda hare, e tle e se ke ya futuhela Josafate.


Eitse ha Josafate le setjhaba sa hae ba tla ho hapa kgapo, ba fumana diphahlo tse ngata mahareng a ditopo le mesebetsi ya bohlokwa; ba ikgapela yona, ba ba ba sitwa ho e jara, ba qeta matsatsi a mararo ba ntse ba thotha thepa, hobane e ne e le kgolo.


Letsoso la Modimo la wela mebuso yohle ya mafatshe a kamathoko, ha e utlwa kamoo Jehova a lwantshitseng dira tsa Iseraele kateng.


mokgosi o duma ditsebeng tsa hae, mme leha ho sa iketlilwe, o hla a bona mosenyi ya mo welang hodimo!


Marena a ditjhaba a baleha, a baleha; mme basadi ba disang matlo ba arolelana kgapo.


Lefika la hae le tla baleha ke ho tshoha, mahosana a hae a balehele hole ke ho tshaba folaga ya Jehova; ho bolela Jehova eo mollo wa hae o leng Sione, le sebopi sa hae se leng Jerusalema.


Mehalana ya hao, Assiria e hlephile, ha e tiise sefate sa sekepe sa hao, leha e le seile e fanyehilweng ho sona; mohlang oo, letlotlo le mesebetsi e mengatangata ya kgapo e tla arolwa, esita dihlotsa le tsona di tla abelwa.


Tjhe! Empa nthong tseo tsohle, re hlola ka ho fetisisa ka ya re ratileng.


Kajeno, ke tla qala ho tshollela ditjhaba tse katlasa lehodimo lohle tshoho le tshabo ya hao; etlere ha di utlwa botumo ba hao, di thothomele, mme di tsielehe pela hao.


ba re ho Joshua: Ruri, Jehova o neetse fatshe lohle matsohong a rona, le bohle ba ahileng lefatsheng leo ba nyahame dipelo ke ho re tshaba.


Empa marena wohle a Baamore, a leng ka nqa bophirimela ho Jordane, le marena wohle a Bakanana, a pela lewatle, ha a utlwa kamoo Jehova a pshesitseng metsi a Jordane kateng, pela bana ba Iseraele, ba ba ba tshela, a nyahama dipelo, mme a fela matla ke ho tshaba bana ba Iseraele.


Yaba moya wa Jehova o a mo tlela ka matla; a theohela Ashkelone, a bolaela teng banna ba mashome a mararo; a ya le ntho tsa bona, mme a nea ba hlalositseng selotho sa hae diaparo tsa bona. A tlala bohale, mme a kgutlela tlung ya ntatae.


Jwale, ha tsoha moferefere diahelong, le naheng, le hara setjhaba kaofela; mme ba qhobosheaneng le ba neng ba tswetse ho ya hapa ba tshona le bona, mme lefatshe la reketla, mme ya eba letsoso la Modimo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ