Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 14:13 - Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Asa le setjhaba sa hae ba ba phallela ho ya fihla Gerare; mme Baethiopia ba bolawa haholo, ba ba ba sitwa le ho boela ba kopana; etswe ba ne ba qhalwa ke Jehova le ke sera sa hae. Ba hapa kgapo e kgolo haholo;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

13 Asa le bahlabani ba hae ba ba phaladisa ho ya fihla Gerare, mme Bakushe ba hlolwa hoo ba ileng ba sitwa le ho boya sekwele. Ba hlolwa ke Morena le lebotho la hae. Bahlabani ba Juda ba hapa haholo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 14:13
17 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ke tsema ditloholo tsa bara ba Nowe: Sema, Kama le Jafeta ba tswala bara kamorao ho morwallo.


Moedi wa Bakanana o ne o qala Sidone, ho leba Gerare ho isa Gasa, mme o leba Sodoma, le Gomorra, le Adama, le Tseboime ho fihlela Lesha.


Abrahama a tloha moo a leng teng, a leba naheng ya Borwa, a aha pakeng tsa Kadeshe le Shure, a hlola Gerare.


Jwale tlala ya boela ya eba teng lefatsheng leo, kantle ho tlala ya pele e bileng teng mehleng ya Abrahama; Isaaka a fallela Gerare, ha Abimeleke, morena wa Bafilesta.


Yaba ba tloha; letsoso la Modimo la eba hodima metse e mabapa le bona, batho ba teng ba se ke ba phallela bara ba Jakobo.


Ka matsatsi wohle, ha nna ha fihla batho ho Davida ho mo tlatsa, ho fihlela ba ba ba etsa sera se seholo, se kang sera sa Modimo.


a tla, a ena le makoloi a sekete se nang le makgolo a mabedi le bapalami ba dikete tse mashome a tsheletseng, a ena le batho ba fetang palo, Balibia le Basukke le Baethiopia;


ba kena metse yohle e teetseng Gerare hare, hobane e ne e wetswe hodimo ke letsoso la Jehova; ba ya le ntho tsohle tse metseng eo, hobane thepa ya teng e ne e le kgolo.


Tsatsing leo, ba hlabela Jehova dintho tse ding tsa kgapo eo ba tlileng le yona, e le dikgomo tse makgolo a supileng, le dinku tse dikete tse supileng.


Letsoso la Jehova la wela mebuso yohle ya mafatshe a teetseng Juda hare, e tle e se ke ya futuhela Josafate.


Letsoso la Modimo la wela mebuso yohle ya mafatshe a kamathoko, ha e utlwa kamoo Jehova a lwantshitseng dira tsa Iseraele kateng.


Hola Modimo o ka dumela ho nthubakanya, wa otlolla letsoho la wona, wa mpolaya.


Kelellong o bohlale, matleng o matla ho fetisa; ke mang ya ka hanyetsanang le wona, a pholoha?


Na hase wena, Modimo, o neng o re lahlile; wena, Modimo, o neng o sa hlole o tsamaya le makgotla a rona?


Bao ba tla otlwa ka tshenyeho e sa feleng, ba tloswe pela Morena, le pela kganya ya matla a hae,


Eo a re: Tjhe, empa ke tlile jwale, ke le molaodi wa makgotla a Jehova. Yaba Joshua o wela fatshe ka sefahleho, a inama, a re ho yena: Morena ka o reng ho mohlanka wa hae?


O nteballe molato, ke le lekgabunyane la hao. Jehova a etsetse monga ka ntlo e tiileng; hobane ke wena, monghadi, ya lwanang dintwa tsa Jehova, mme bobe ha bo a ka ba fumanwa ho wena le ka mohla o le mong.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ