Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 13:9 - Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Ana ha le a ka la leleka baprista ba Jehova, e leng bara ba Aarone le Balevi, mme le iketseditse baprista ka mokgwa wa ditjhaba tsa mafatshe a mang na? Mang le mang ya itlisitseng, a ena le pohwana le dipheleu tse supileng, a tle a kgethelwe boprista, o entswe moprista wa seo e seng Modimo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

9 Na hase lona ba lelekileng baprista ba Morena, e leng bara ba Arone, le Balevi, mme la itlhomamisetsa baprista, ho latela mekgwa ya ditjhaba tsa dinaha tse ding? E mong le e mong ya tlang a qhoba pohwana le dipheleu tse supileng, le mo etsa moprista wa medimo eo ya bohata.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 13:9
19 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Leha ho le jwalo, Jeroboame ha a ka a fapoha tsela ya hae e mpe; a boela a bea baprista ba nqalo tse diphahameng hara setjhaba sohle; mang le mang ya ratang, o ne a mo kgetha hore e be moprista wa nqalo tse diphahameng.


a lahletse medimo ya tsona mollong; hobane e be e se medimo, empa e le mosebetsi wa matsoho a batho, difate le majwe; a e fedisitse ke hona.


kgauta e bewe ho tse tshwanetseng ho etswa ka kgauta, le silefera ho tse tshwanetseng ho etswa ka silefera, ho etswang ke malala a dikgauta. Hape, ke mang ya ratang ho ikgethela Jehova kajeno?


Haele rona, Jehova ke Modimo wa rona; ha re a mo furalla; baprista ba etsang tshebeletso ya Jehova ke bara ba Aarone, le bona Balevi ba mosebetsing wa bona;


Yaba Esekiase o bua, a re: Jwale, ha le fela le ikgethetse Jehova, le atamele, mme le tlise mahlabelo le dimpho tsa teboho tlung ya Jehova. Ba phutheho ba tlisa mahlabelo le diteboho, mme bohle ba pelo di ratang ba hlahisa ditjheso.


Ha o ba kgetha, hore ba etse mosebetsi wa boprista pela ka, o tla etsa ka mokgwa ona:


Diaparo tse kgethehileng tsa Aarone e tla ba tsa bara ba hae, ha a se a le siyo, hore ba tle ba di apare mohla ba tlotswang, le mohla ba kgethelwang boprista.


O tla etsetsa Aarone le bara ba hae jwalo, o ye ka tsohle tseo ke o laetseng tsona, o tle o ba kgethele tshebeletso ka tshiu tse supileng.


Hobane Moshe o ne a itse: Ikgetheleng Jehova kajeno, leha e ka ba ho lwantsha e mong le e mong mora wa hae le ngwanabo, hore Modimo o tle o le hlohonolofatse kajeno.


A setjhaba se ka ba teng se hlobohang medimo ya sona? athe yona hase medimo! Empa setjhaba sa ka se hlile se hlobohile kganya ya sona ho rua lefeela.


Nka o tshwarela jwang? Bana ba hao ba ntlhobohile, ba ana ka medimo e leng siyo; ke ba antshitse, empa ba ntse ba feba, ba bokana ka bongata tlung ya seotswa.


Hobane eo e tswa Iseraeleng, e entswe ke lelala, hase modimo; namane ya Samaria e tla robakwa dikoto.


Pheko e tla etswa ke moprista ya tlotsitsweng, ya beilweng ho etsa boprista bakeng sa ntatae, mme o tla apara diaparo tsa lene, diaparo tse kgethehileng.


Nka Aarone le bara ba hae, le diaparo, le ole ya tlolo, le pohwana ya sehlabelo sa sebe,


Le a bona, le a utlwa, hoba Pauluse eo o se a kgodisitse batho ba bangata, e seng Efese feela, e batla ho ba Asia kaofela; o bile o ba kgelositse ka ho re, medimo e etswang ka matsoho hase medimo.


Efela pele, ha le ne le eso ho tsebe Modimo, le ne le sebeletsa medimo e neng e se yona ka sebele;


Ba hlabetse bademona, bao e seng Modimo, le medimo eo ba neng ba sa e tsebe, medimo e metjha, e tswang ho hlaha, eo bontata lona ba sa kang ba e tshaba.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ