Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 13:8 - Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Mme jwale, le re, le tla fenya mmuso wa Jehova o matleng a bara ba Davida. Efela le batho ba bangata, mme le bile le na le manamane a kgauta ao Jeroboame a le etseditseng medimo ka wona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

8 “Jwale lona le ikemiseditse ho lwantsha puso ya Morena e matsohong a ditloholo tsa Davida, hobane le le letshwelehadi, le bile le ena le manamane a kgauta, ao Jeroboame a le etseditseng wona, hore e be medimo ya lona ya bohata.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 13:8
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Morena a imamela jwalo, a ntoo etsa manamane a mabedi a kgauta a re ho setjhaba: Le ile halelele Jerusalema; Baiseraele, medimo ya lona ke ena, e le nyolotseng naheng ya Egepeta.


Yaba o bea e nngwe Bethele, e nngwe a e bea Dane.


o entse hampe ho feta bohle ba bileng teng pele ho wena, kamoo o ileng wa iketsetsa medimo esele kateng le ditshwantsho tse tsholotsweng, hore o phephetse kgalefo ya ka, mme wa ntahlela kamora mokokotlo wa hao.


o ne a ikgethetse baprista ba dinqalo tse diphahameng ho hlabela diphooko le manamane ao a neng a a entse.


Oho, Modimo wa rona, na o ke ke wa ba ahlola na? Hobane ha ho matla ka ho rona a ho lwana le sera seno se seholohadi se re futuhelang; hape ha re tsebe hore na e ka kgona re etseng? empa mahlo a rona a tadimile wena.


Jehova, Modimo wa bontata rona, na hase wena Modimo mahodimong? Na hase wena o busang mebuso yohle ya lefatshe? Na matla le bonatla ha di letsohong la hao, hore ho se be motho ya ka o hlolang?


A ho bokwe Jehova, Modimo wa hao, ya kgahlilweng ke wena hore a o bee teroneng, o be morena ho kgahlisa Jehova, Modimo wa hao. Modimo o o beile morena wa Baiseraele, ho ba etsa ka bokgabane le ho loka, kahobane o a ba rata, mme o rata hore o ba phedise ka ho sa feleng.


Ha ho morena ya ka hlolang ka bongata ba makgotla a hae, ha ho mohale ya ka bolokehang ka boholo ba matla a hae.


Empa batho ba motse wa hae ba ne ba mo hloile; ba roma manqosa mehlaleng ya hae, a reng: Ha re rate ha enwa a re busa.


Haele dira tseo, tse sa kang tsa rata hoba ke di buse, di tliseng mona, le di bolaye pela ka.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ